Yaba mosadi eo o dumedisa ba lelapa la hae mme a ba sadisa hantle a tsamaya. O ne a ikemiseditse ho botsa sebopuwa se seng le se seng seo a tla se feta hore se na le pale eo se ka mo phetelang yona na. Phoofolo ya pele eo a kopaneng le yona ke mmutla. O ile wa tla o ntse o tlolatlola tseleng ka maoto a ona a maholo.

“Mmutla!” a hoeletsa. “Na ho na le dipale tseo o nang le tsona?”

“Dipale?” ha botsa Mmutla. “Oho, ke na le tsona ka makgolokgolo, diketekete, tjhe bo, ke bolela dimiliyone.”

“Mmutla, ke kopa hore o mphe tse ding tsa dipale tseo hore ke tle ke yo thabisa bana ba ka hle.”

“Ehh…” ha rialo Mmutla. “Ha ke na nako. Ebile … dipale motsheare? …Tjhe!” yaba tshethe, tshethe, tshethe a itsamaela.

2

Kamora moo a kopana le sephooko. Yare ha a mo kopa dipale eo a phukalatsa mapheo a hae ka bohale.

O maaaang … wena … ya ntsosang? Ha ke na dipale. Eya ho lenong tlhapi. Ke yena feela ya dulang a shebile le motsheare. Botsa yena.”