Malakabe a mollo ho hlena.
Bohloko ba ho opelwa ke leqeba la ho tjha.
Bo tjhatjhabetsang pelong.
Ho lahlehelwa ke tshobotsi ya letlalo.
O sehloho mollo, o kotsi!

Moo o fetileng teng, ho sala molora.
Seboko sa motho ha se o hlomole?
O besa, le ho rinya, o sa etse lerata.
Mosi ke ona o pakang tsohle.
Ho kunkela, le monko wa mosi, ho a re mema hore ho hobe.
Re titima, re tlolaka, ho o thiba!

Empa ha o befile, re a hloleha ho o thiba.
Haholo jwang ha o entse kopano le moya!
Hlaaha e tjha lore! mmoho le diphoofolo.
O hlasela o sa rerisa.
Ha ho ya ratang ho bapala ka wena.

O a nanyetsa.
Bohle re a o tshaba.
Diphoso tsa rona, le ho lebatswa ke tsona,
ke se etsang hore o be o re fihlele.
Ha re fadimeheng ka mehla, re behe
tse bakang mollo hole le bana!

E ka sita le rona ba baholo re be sedi,
ka disediswa tse ka bakang mollo.
Re ithute ka mehla hore mollo o kotsi.
O nka bophelo hanghang, le ho baka boqhwala!