(Lapeng, ha Thabo)

Thabo: Kajeno o bonahala o thabile, le pina ke e hodimo. E ka ba ho se ho hlahile dife tsa kwa mosebetsing?

Moroesi: Ha o tsebe letho wena! Ke taba tse monate feela.

Thabo: Di reng, di tshole di sa tjhesa?

Moroesi: Jo! monate o mokalo, e ka re ke a bona.

Thabo: O bona eng hle eo re sa e boneng? Kajeno ha ke fuwe le dijo, ke emelletswe ka taba tse monate.

Moroesi: Maoba o ile mealong o sa batle dijo, kajeno o di batla o tatile.

Thabo: Mehlolo e tsamaya le nna kajeno lena, ha ke fuwe dijo, ha ke bolellwe taba tsena tse monate!

Moroesi: Mamela ntatennyeo, kgwedi ena e tlang ha e thwasa feme e nkisa kwana Durban, lewatle.

Thabo: Lewatle??? (O maketse)

Moroesi: Ke tjho tjee! Lewatle. A ko utwle monate o mokaalo, kgwedi kaofela.

Thabo: Eng? (Ka lentswe le hodimo)

Moroesi: (Ka ho makala) Ae Ntate! ke eng e mpe hona moo?

Thabo: Oo mohlolo o ke ke wa o bona. Ke be ke sala ke etsetswa dijo tsa mosebetsing ke mang?

Moroesi: O tla iketsetsa, o na le matsoho. Kapa o batle motho a tlang ho o thusa.

Thabo: Bona, ha ke a nyanya lehlanya! Mphe founu tseo tsa manejara eo wa hao ke mo jwetse hore wa ka mosadi ha ho moo a yang teng. E seng jwalo, a tlohele ho sebetsa.

Moroesi: Ae Ntate! mehla e fetohile, le dintho di fetohile hle!

Thabo: Jwale ha e sa le di wekeshopo, e se e le kgwedi kaofela, hona e bile hole jwalo?

Moroesi: Mona ke training. Re a kwetliswa, re fuwa tsebo ya mosebetsi.

Thabo: Oo mohlolo o ke ke wa o bona. Ka ntate a shwele! (O opa diatla)