LAPENG HA NTEO, HOSENG

(Modumo wa dikopi tsa tee, le seyalemoya)
Nteo: (O mo tsosa ka ho mo hwelehetsa) Mohanoe! Mohanoe! tsoha o tle kwano.
Mohanoe: (O a arabela) Ke nna eo Ntate.
Nteo: Dula fatshe moo monna ke o behele ditaba.
Mohanoe: (O dula fatshe) Ke o mametse ka tse lethwethwe Ntate.
Nteo: Monna, thapama nna le mmao re rerile ho ya kwana ha habo Lesotho. Jwale ke batla ho tseba hore o tsamaya le rona kapa …?
Manteo: (O mo kena hanong) Ae Ntate, molemo ke hore Mohanoe a sale le ntlo, mashodu a mangata matsatsing ana. Hape Ntate, ha ke batle sehlooho se tshwanang le sa ha Mosomi.
Nteo: A ko be butle hle Manteo ka taba tseo! Ngwana enwa ha a tsebe taba tseo.
Mohanoe:Ke ne ke ratile ho tsamaya, empa ke utlwa taba ya M’e, ka hoo he ke tla sala le ntlo.
Nteo: Ho lokile he monna ha o utlwisisa.
Manteo Tloho le bohobe lebenkeleng re tlo phoka tee. (O fa Mohanoe tjhelete, a bile a tswa)
Nteo: Manteo o se o bua feela ka sehlooho sa ha Mosomi.
Manteo: Ke tla lebala jwang, hoba ke nna ya se entseng, ke tseka hore ngwanaka a nyalwe ha morui elwa Radiso?
Nteo: Hee le ya di etsa boManteo le le tjena! Ha le di tshabe, jwale le tshoha difohle!
Manteo: Ho tseba mang hore le rona ba ka re etsa re ele fothe moo re yang, ba habo Radiso? Ke se ke tshaba sepalangwang.

***