HA NTEO, MOTSHEARE

(Modumo wa seyalemoya)
Rasoeu: (O bua a le mong) Banna, e ka ba ngwana elwa wa batho o ho kae? E se kampa ba o ile ho ipolaya? Ke etsa jwang? Ke ne ke kenwe ke eng le nna banna? Ho ne ho sena mokgwa oo nka buang taba ka ona? Joo! a tla nkenya kenyakenyeng ya lapa la hae moholwane. Hee le rona bo Rasoeu, tsa rona tsa Kgauteng di re hlotse. Ke etse jwang hoba le selefounu ya hae e kwetswe? Ke mo shebelle ho fihla neng, hore o tla kgutla? Empa e se e le monna, o tiile, o tla kgutla re di qetelle taba tsena. Ho bohloko ke a dumela, empa qeba lena le tla fola.

***