Thabiso: Ntatemoholo, a k’o nhlalosetse na ho etsahetseng hle! Ke utloa litaba tsena e le tse ‘makatsang kaofela ha tsona.
Kobase: Hai! Monna khathe lerato o ea tseba le ea bolaea? Ke a utloa ke a t’saba! (O opa diatla) Banna!, ha ba khopo bacha! Hm! Ka batla ke shoa nna monna oa Koeneng.
Thabiso: U bolela joang joale Ntatemoholo? Hlalosa ke theile tsebe.
Kobase: Ho na le ngoanana mona, e sa le ke cha mpa le seatla ka ena. Ke utloa a nchesa ka mofuthu oa lerato. Ke hore o ne a ntarakanya boko bona. Athe noto esele ena ea ngoana, o na le mohlankana e mong ka ntle le nna.
Thabiso: Hmk! Feela Ntatemoholo uena u ne u batlang ho ngoana? Ke hore ke ena moetsi oa lintho tsohle tse o etsahelletseng? Ka tla ka utloa a nkhopisitse, ke sa motsebe.
Kobase: Letekatse leo la ngoanana, o mpolaisitse ka mohlankana eno oa hae. Fela u se ke be oa bolella ‘M’ao. A ka njajabeletsa hona hoo…
Thabiso: (O ea bososela) Se ke oa ts’oenyeha Ntatemoholo, ha a na tseba hohang! Ena taba e tla ba sephiri sa ka le uena, ke ea u t’sepisa.
‘Mathabiso: (O kena a t’soere ente le bohobe ka tee.) Ntate e se ele bosiu joale, u tlameha ho noa litlhare tsa hao. U se k’a makala he, ke tlil’o u hlaba seropeng mona.
Kobase: U mp’u nhlabe ha monate hle morali oa ka. Ke ea e t’saba nna nthoena.
Thabiso: (O ea kakalla ke lit’seho) Hao Ntatemoholo, tiisetsa feela. Nna ke ea itahla ha joale, hosane ke ea mosebetsing.
‘Mathabiso: Be! Butle, nkemele ke qetele mona feela. (O ea mo enta)
Kobase: Hao! U se u qetile? Ha ke ea utloa le letho.
‘Mathabiso Le Thabiso: (Ba bonya ba mo katela likobo)
***
(Moposo House, ofising ea Thabiso)
Teboho: He! Morena, ke hloka hore u ntekenelle tokomane ena ka potlako.
Thabiso: (O nka pene, ‘me o ea e tlatsa) Uena le Lerato, ntse le ikela joang?
Teboho: Skacho hle monna. Ke re ngoaneno ke sechacha. O na nfebela ka liSugar-Daddy. Ke mo lahlile hlooho ntja’ka.
Thabiso: Hee bun! U reng? Askies mf’ethu. Bo mmadaemane ba rata papali, hona hoo ba sa hlokomeleng lerato moo le leng teng.
Teboho: Dis vaar dog. Kore o batlile a nts’oarisa lefu la pelo. Ke batlile ke bolaea mothaka o mong tjena, e ke ileng ka mo fumana a ena le eena CUBAN LINX daar! A ntsa mo tsokela sebono. E bile ke sa re ke sebini monna eno. Hana ba re ke mang na?
Thabiso: Banana E Hlile Ha Ba Loka Hohang, E Leng Baa, Ba Nahanang Hore Ba Ea Ipusa Maseru Moo! Ka nnete ke ba utloela bohloko. Na e be motho o tla nyala tje? Nna ke nyahame monna’eso.
Teboho: Hai! Monna, joale ha morao tjena ke mataoa a ipusang. Le nna ke ea ipotsa na ke bona ba tlo theha malapa bona bao?! Haii, ho boima fat’se mona, re bona mehlolo!
Thabiso: Ha-ha-ha…, joale ba mabitso-bitso morao tjena, ke liSlay-Queen. Hai, monna Tebza kore u itahle ngoana’bo, re tla bua.
Teboho: Sure ntja’ka, ha-ha-ha… (O koala lemati)
***
Potso: A na ke nnete hore ke molato oa ngoanana eo Kobase a neng a utloana le eena, hore e be mohlankana e mong oa hae o lekile ho mo tlosa tseleng?