(Thetsane West, Maseru. Thabiso o ka phaposing ea hae, o shebelletse seealemoea pono)

Thabiso: Hmmm… e be Mosalimoholo o tlo fihla neng joale, ha e ka ho ntse ho fifala tje? (O bua a inotsi, o nts’a mohala oa hae oa thekeng, o ea mo letsetsa)

‘Mathabiso: Lumela shanyana. Molato ke eng? (O halikisa mahlo)

Thabiso: Ke bona ho ntse ho fifala empa ke sa bone boteng ba hao.

‘Mathabiso: (O tetema lentsoe) Ke ntse ke le sepetlele ha joale Mokoena. Ntatemoholo oa hao ba mo hetse ka koakoa phatleng.

Thabiso: Hee bathong! Ho ne ho tsekuoang e kaale kaale? Joooo! (A ts’esemela, a titima joaloka phoofolo ea naha, ho leba ha mohaisane ‘m’e Mamoruti)

Thabiso: (O hoeletsa a ntse a le keiting) ‘M’e Mamoruti? ‘M’e Mamoruti? Oeee!

Mamoruti: (O ea qamaka, o ema tlasa moriti oa sefate, moo a neng a ntse a ipaqametse teng.) Ho etsahala joang bo! Thabiso, ha u hlahlile mahlo hakaale?

Thabiso: (O ea hemesela) Ntate oa ‘M’e o kene sepetlele sa Queen 2. Ke kopa u nthuse ka-

Mamoruti: (O mo kena hanong) Haibo! Kena koloing re tsamae. U sa eme leru le oele? Ka tla ka ts’oha!

***

(Sepetlele, Maseru Queen 2, mooki ‘Mathabiso o ferekane, o ntse a e-ea holimo le tlase)

Thabiso: (O bokotsa ‘mae) Ke ea ts’epa Ntatemoholo o tlo loka ‘M’e, se hlomohe pelo tjena.

‘Mathabiso: Ha ke kholoe pono eo ke e boneng, le khale! Mali a hae a ne a sa tsoe, a ne a tlola leqebeng moo. (O ea bokolla)

Mamoruti: Theola moea mannyeo, hle ‘Mathabiso! E ba le tumelo hore ho tla loka. (O mo silila ka mahetleng)

Ngaka: ‘Mathabiso, le ka tla la tla bona mokuli oa lona. Feela, hantle hobaneng u ne u sa kenya liglove?

‘Mathabiso: Aoo…, ke masoabi ka ho se latele mehato e nepahetseng ea ho ts’oara mokuli, empa ke bona hore mohlomong ne ke ferekane hoo, joalo ka ha e le ntate ea ntsoetseng enoa.

Ngaka: Hono ha se hoo e leng lebaka, joalo ka ha u le mooki mona, u tlameha ho etsa se etsoang mona, pele u ka tlapurela maqeba a lehlatsipa la kotsi.

‘Mathabiso: Ke kopa ts’oarelo ntate ngaka, phoso e tjena ha e sa tla e iphetha hohang.

Ngaka: Ke ea ts’epa le nna.

(Ba potlakela ward 4)

Kobase: (Ntatemoholo Kobase o tutubetse, o ntse a ts’oeroe ke boroko le mahloko) Lavo? Lavo a ko tlose ntho tse boima tsena holim’aka mona.

‘Mathabiso: Butle hle Ntate, se ka phahamisa hlooho. Ha o ea tlameha ho tsoha liphateng mona, ho fihlela u hloeloa ke ngaka hape!

Kobase: (A raroloha, a tone mahlo) Ke hokae moo?

Thabiso: Ntatemoholo oe! Robala mosamong re tsebe ho u bolella na u hokae.

Kobase: (A botha fat’se) Hee! Ka tla ka opeloa. Ichuu!

Mamoruti: Eke! U sepetlele. U na le leqeba phatleng mona, ‘m’e ke tlo u rapella, u fole.

Kobase: Leqeba? Jaong joale ‘M’e Mamoruti? Thabiso le ‘Mathabiso na ke tsona tje? Joo! ke utloa hlooho ea ka e le boima.

Mamoruti: Nkese u bolelle maka Kobase. Helang basali! Ha re ts’oaraneng ka matsoho, re etseng Thapelo.

“Molimo ntate, ke enoa mohlanka oa hao.

Ka lebitso le matla, ke rapella hore a fole,

‘me ntse re leboha ha u ntse u re bolokile. Amen.”

Thabiso, Kobase,’Mathabiso: (Hong) Ameeeeeeeen!

Mamoruti: Amen! Ha joale ke tlameha ho ilo phehela ntate oa lelapa. Ke tla boetse ke tla hape hosane.

‘Mathabiso: Re ea leboha ha u ile oa iponahatsa, ‘M’e Mamoruti. (O monts’a ka monyako)

***

Potso: Hobaneng ha Thabiso a khathatsehile ka mmae?