Ke le fumana neng leqheka eseng leqheka fela, fela leqheka la ho itshoasolla molekong ona?
Moleko wa dithethefatsi, tse etsang ke lahle botho baka ke fetohe phoofolo
Ke fetohe phoofolo, bana beso ba tshabe le ho ka nkatomela fela hobane ke fetohile.
Ditsabona ha dia bolokeha hobane nna ha ke di bona ke di nahanela leqheka.
Leqheka la ho di rekisa ke fumane ho llang ketjho yona chelete, ke tsebe hoya ikgotsofatsa ka dintho tse senyang bokamoso baka.
Mohlomong ho ne ho tla ela ha nka leka leqheka la ho itshoasolla eseng la ho ikgotsofatsa.
Ho hlakile le maphelo a bona a kotsing hobane leqheka le leng fela leo ke le etsang, leqhaka la ho fumana chelete.
Potso ke hore ke le fumana neng leqheka la ho itshoasolla lerabeng lena?
Ha dithethefatsi di nkamoha tjhabelopele.
Botle le bobe ke ntho tse tshwanang mahlong aka, mme le ditshila ha esale ntho e nkgathatsang.
Ke ngongorehile ka nna, ke ipotsa hore leqheka ke le fumana neng.