Ke ipotsa potso

Empa e hloka karabo

Ke phehella ho botsa

Empa hahona ya nkarabang.

Ke molato ka eng?

E be ke eng e kana eo ke e entseng?

Boteng ba ka lefatsheng e ka ba sekgopi se se ka kang ho motho e mong?

A na ke ne ke sa lokela ho ba karolo ya ba phelang?

Motho bothata ba hao ke eng ha o tletse lehloyo ha kana pelong ya hao?

Ha ke a ikgethela ho ba lefatsheng.

Ke ka thato ya Mmopi ke leng mona.

O ntwantshetsang? O lwantsha popo ya Ramaseli.

O tsekisetsang Modimo ka diqeto tsa hae?

E be motho o sa tla loka na?

E be o tla tseba hore motho ke motho ka batho?

Ha e le mo pelo e tletse lefufa, mohono le lehloyo.

Ho senyehile kae?

Maikutlo a harasane, motho ke ho hloka kgotso.

Lebaka ke ho thatafatsa pelo.

Ke ntse ke phehella ho botsa potso ya ka.

Empa ho ntse ho se ya kgonang mpha karabo.

KE MOLATO KA ENG?