KA LAHLEHELWA KE TSOHLE

Joo, lefu la nka ngwaneso , la nka rato laka ka sala ke hloname
Ka sala ke itshwere hloohong ke sena tshepo

Joo , moratuwa waka , lehakwe laka
O nsiile jwale ke fetohelwa ke bohle , ke sala kele kgutsana .

Joo , ngwana mme , ngwana ntate , o nsiile jwale ke fetoha ngwana lehlaswa

Meyokgo waka , keledi tsaka tsa dula di keleketla hobane jwale bophelo bo bapala ka nna , bo nkisa hodimo le tlase