Ke mehla le matsatsi re dula re rapela,
hore modimo are tshwarele dibe tsa rona
Empa hare etsa sebe harebe le lesisitheo
Sena sea bontsha hore harena motheo

Sena hase jese ditheohelang
Sebe sa hohela batho
Fatshe la ntshofala
Motho ke ntho e bopehileng jwang?

Ra qwela ka hara dibe
Re sena diqeaqeo
Sena se tetebetsa maikutlo ha bohloko
Lehodimo leka mpakela
Haele nna Chabaku kea ipotsa hore na,
‘lehodimong ke moo reyang teng na’?