Phausela wena mophausedi

Foka wena mofoki

Hahlaula wena mohahlaudi

Jwalo Ka Nonyana

Nthwana ho tholwa fatshe le hodimo

Nthwana ho ikemela

Nthwana ho tsongwa

Jwalo Ka Nonyana

Solla wena mosolli

Tsamaya wena motsamai

Feresa wena moferisi

Jwalo Ka Nonyana

Ke nonyana nthwana ho tholwa hole

Mobatli ke lefela

Ke nyamatsane mahlong a batho

Ke nthwana lefela mahlong a batho

Jwalo Ka Nonyana

Ke tsamaya le Moya o fokang

Sepaka-pakeng ke itholla tsela

Ke jwalo ka nonyana

Ke motwai-twai

Ntho yaho tswalwa ke le mong

Jwalo Ka Nonyana