Ke hoseng ka kitjhining
Ho bodutu seyalemoya se thotse.
Ho utlwahala ho bobola ha notsi.
Le monko Monate wa dijo tsa hoseng ha o yo.
Hoja mme a ne a le teng.
Nkabe ke phoka kofi e putswa e kubellang.
Ke sa utlwe mohatsela ona o hlabang.
Ntlo ena e ya bata.
E hloka mofuthu wa motswadi wa mme.
Hoja mme a ne a le teng.
Nkabe ntate a fihla ka nako lapeng.
A re thusa ka mesebetsi ya sekolo.
A re tlela ka dimonamone ha a tswa mosebetsing.
A sa re kgarume tjena sa ntja e bona lesapo.
Hoja mme a le teng o ne a tla fokotsa bohale ba ntate.
E kare o se a kopane hlooho ke hore kgalema.
Ke ngwana mosetsana ke na le mathata a bokgarebe.
Ke bua le Mang hoba ntate o dula a le maphathephathe ke mosebetsi.
Ke bohloko ha ho eo ke behang hlooho yaka sefubeng sa hae.
Hoja mme a ne a le teng o na tlo mphumola dikgapha a re thola ngwanaka hotla loka.
Ka tlung ha le yo lentswe le molodi le binang sa tswere mohlakeng ka sontaha le re hopotsa ho ya kerekeng.
Hoja mme a ne a le teng.
Nka be ke ena le Mpho ya tsatsi la tswalo.
Ke e fumana e beilwe hodima hlooho ya bethe yaka.
A ntsosa ka pina e monate ya tsatsi la tswalo.
Hoja mme a ne a le teng.
Hoja ha e sa thusa hoba o se a le seo.