LETSATSI /Tjhebelo Pele ya Letsatsi.

 

BOKGUTSHWANE BA PALE.

TJHEBELO PELE YA LETSATSI KGAOLO YA PELE

Motse o teng kaho lena la Foreisetata naheng ya Aforika borwa, mahlabatheng thoteng tse ntle tse methating ya dithaba le maralla, mangope diphororo ho keleleketla ka ho hlepha ho harosang letswalo! o e utlwe e duma kgohlo nakong tsa sehla sa hlabula hantle, dipula dina matlopotlopo ele tsa medupi tsa dikgomo le batho, ka shwalane ha ngwana a tshaba,hantle ka phirana otla tshaba lehoya lebenkeleng le haufi le moo o dulang ke bohale le medumo ka ho fapana, ee tlabe ella ebile e bohla ka teng, nketu ao e melletse ka lerata bosiu ho pota kgele! Ke Qibing ya nnete ruri ho jwalo fela.

Ha le tjhaba letsatsi la hlabula hoseng ka matjeke, Hao tsepamisa maikutlo o nahana hotlo lokolla monyaka wa letsatsi, o nka di marathone jwalo jwalo ka mehla ho otlolla mmele leho hema moya o hlwekileng o phodileng ya hoseng, ha o lahlela mahlo mane le mane mahlo tlowa! O bone di tletse dinoka tsa motseng wa haeso dinoka ka mabitso bo Mohokare le Montshwane, otla tshoswa ke metsi ho phalla ka ho pota pota fatshe la Qibing Wepener, o bone a tshosa eka ho tla etsahala kotsi.

Toropo ya motse wa haeso ene e bonahala ele ntle e boheha mang le mang arata hoka fallela teng. Joh!! Sewa se sekana kesa eng ka hara Qibing E Wepener Seterekeng sa Motse Moholo Mangaung Profinsing ya Foreisetata AO Bathong Naledi E Ntle Naheng ya Aforika Borwa. Qibing Wepener ene e phutha di ditjhaba nakong ya baholo ba rona ka di lemo tsabo 1970s Hoya di lemong tsa bo 1989. Ko duwa e ileng ya hlaya toropong ya Wepener keye Soto e lonya e senyeditseng rona batjha maphelo nako ya jwale!, ha maphelo a matswallwa le baahi ba motse wa Qibing Wepener e Sala ele lesupi Toropo ya Wepener eya le metsi nakong ya di kgola tseileng tsa etsahala ka hara teropo moo batho ba basweu baile batswa ka makgalo.

Mme ya e ba bofelo le pheletso ya teropo ya Mahlabatheng le hlabathe la tlala teropo, potso ya lona ya mahlo ere o e tsang ka nna kele moruo wa hao motjha wa Boduma Tau Qibing Wepener! Ka seka meyokgo Pelo ya otlela fatshe ka sulafallwa ha ke nahana mehopolo ya mehaeso batjha, batswadi le maqheku ka kakaretso, Yaka reya sitwa ho buwa yaka re tlameile ho thola ka tsoselletso botle le moruo!, o kahara motse ona o monyenyane o ruileng lehlabathe, le fapa fapaneng le metsi a mohlolo, peipi e teng motsaneng wa haeso wa Qibing Wepener. Metsi a teng keya hlwekileng a phodileng ka dinako tsohle, le ho fela ha a fele a hana metsi a fedile makweisheneng a rona ka ho fapana, Fela sesosa se teng pakeng tsa dithaba tsa haeso Qibing haoya botjhabela tsatsi tamong le leholo, potso ya sesosa sena ere o etsang ka Nna kele Metsi o hlwekileng haosa ntshebedise ke senyehela le fela!.letamo leletle le bopetsweng botle leho kgaba ka naha yabo rona hoka kgahla ba hahlaudi ka hoba le Basotho Cultural Torisim Center. Rele batjha ba QIBING Mesebitsi keyeo hare ka tsowang ra rwalla lesa sele leho etsa dipale le ditori tsadi television ka motse ona o motle rempa hloka matla fela bohlale le thuto ketsona dinotlolo tsa hohle. Rata Pale ena leho ebala ka kutlwisiso.

Matla a rona keha reka fumane pale ena ya motse wa heso eka fetola mehopolo ya Masepala, lefapha la mmuso le dithuto ntlheng ya bokamoso ba batjha ba Qibing Wepener , ka ho thusetsa ka matlole a di tjhelete, ho atametsa menyetla batjheng hore haela mmolo hoba teropo ya rona e fetuhile teropo ya ba hlahang kantle le makweisheneng a rona ho jwalo fela koduwa e kana e rehlokisa botsitso rele batja ba Qibing Wepener rekopa mmuso ore thuse le Masepala wa Qibing leho theha mesebetsi kaho tlisa bo rakgwebo ba baholo ka hotlo invest ho boloka le ho etsa tlatsetso le ntjha fatso ya Teropo ya Qibing Wepener seo sona seka etsahala ha lehlabathe le lengata lena leka thusa Masepala ka lekeno ho tsosa maphelo le Toropo ya Qibing Wepener. Botlokotsebe bo kentseng dipolawo, dipeto, le ho utsuwa ha makoloi tseo tsohle ha dika fela ha fela teropo ya motse wa haeso eka she buwa ka leihlo le ntjhotjho ho etsa mesebetsi bakeng sa batjha ba Qibing le batjha metse le metsana e mabapi le Qibing Wepener, mehlala ke e latelang:Thapelong Vanstaad, Dipelaneng Horbhouse, Morojaneng Dewertsdorp.

LETSATSI /Tjhebelo Pele ya Letsatsi

Pale ke Le Bitso La pale etlang ho latela ka mora hore o fumane Bokgutshwane ba Qalo, Bohare,Sehlohlolo, Qetelo ya Pale ya Hao ya Tjhebelo Pelebeo etla ho ngola ka Nako le Tikoloho ya sejwalejwale.

Sesosa sa mantswe a sehlooho sa Pale ya rona a reng: LETSATSI /Tjhebelo Pele ya Letsatsi

– Ke mantswe a thuto.

-ke mantswe a tletseng tshepo morolo le ho ithuta ka tse itseng bakeng sa bana ba holelang di toropong tse nyane.

-Mantswe a matlafalo, morolo le bonono bo felletseng ho moithuti kapa mobadi.

-ke mantswe a fanang ka bophelo le kutlwelo bohloko le ho ratang jwalo batho ba Ntate Morena Modimo wa Rona.

-ke pale ya Kalaneng, mme e tloba mabapi le Teropo e Ntjha le moruo wa Masepala wa motse wa Qibing Wepener 9944 le Tjhebelo Pele Ya letsatsi le tjhabang lele dikelang ho hodisa Thuto le Bokamoso ba batjha banang le kgahleho hotla rupellwa ka mokgwa wahoba sebapadi sa Kalaneng.

Mongodi wa Pale Rapelang Lukas Majoro

Etla phethelwa….🔜