Lerato ke ntho ya bohlokwa maphelong a batho, Ntaoleng o ne a eme le mohlankana wa hae Thabiso.
“Hao lerato la ka, jwale ha o sa mpheheletsa?” Ke Ntaoleng eo a bososela. Bobedi bona bo ne bo ntse bo ja masimba a maholo. “Ke tlameile hore ke late mme wa ka, ke ilo mo kokisa phoofo,” Ntaoleng o ne a ipatlela ho ba pela mohlankana wa hae. Nakong eo Ntaoleng a ntseng a qekisa Thabiso, Guluva le Spiro ba ile ba hlaha yaba ba ema ka pela bona. “Re se re le teng, wa bona wena Thabiso wa tella.” Guluva o ile a tiisa ka mahlong nakong eo a ntseng a bua mantswe ao. Letswalo le ile la ba tabola. “Bo-abuti ke mo kopela tshwarelo,” ke Ntaoleng eo a thothometsa lentswe. Spiro o ile a sheba ngwanana enwa hampe.

“Thola wena, ha re bue le wena!” Ke Spiro eo ka kgalefo.

“Feela nna ke le entse eng?” Ke Thabiso eo. “Abuti wa hao o ikentse poho, e sa le a baleha sehlopheng sa rona.” Taba ena e ile ya makatsa Thabiso. “Mamela mona wena, re tlilo patala ka wena kapa re nka ngwanana enwa.”

“Le a hlanya lona, e seng ho Ntaoleng, ke kgarebe ya ka ena.” Guluva o ile a tsheha yaba o otla Ntaoleng ka mpama, Ntaoleng o ile a wela ha bohloko. Eitse ha Thabiso a bona seo yaba o otla Spiro ka setebele a ba a tshwela madi ka hanong, Guluva o ile a mo hlaba sefubeng makgetlo yaba ba ya baleha. “Thusang, ke kopa thuso,” ke Ntaoleng eo a tshwara hlooho ya Thabiso. Thabiso o ne a hema ka thata, madi a ne a etswa ka bongata. Batho ba ne ba shebelletse ketso ena e nyarosang. Boqulwana bo tlisa lefu le bophelo bo marantha.

Koloi e ile ya hlaha ka lebelo le leholo, ngwana wa batho o ne a kganna hampe ka tsela e makatsang mme batho ba ne ba balehela ka majareteng yaba e tla e ba tobile ya re kgekgenene! “Ke mang a hlabileng ngwaneso?” Ke Thiza eo a tuka malakabe. Ho ne ho sena motho ya arabelang, Thiza le ntaoleng ba ile ba kakasa Thabiso ho mo kenya ka koloing. Ngwana wa batho o ile a rutla koloi yaba batho ba balehela ka majareteng a batho, koloi ena e ile ya latelwa ke lerwele le leholo. “Potlaka abuti Thiza,” ke Ntaoleng eo a seka meokgo. Koloi ena e ile ya leba mmileng o moholo. “Tlohang ka tseleng, banna dikoloi tsena di a tjhata,” ke Thiza eo a letsa phala ya koloi. Thiza o ile a seha dikoloi tseo ka lehlakoreng le letshehadi. Ho ne ho dubehile letsatsing leo. “Abuti motho enwa wa hlokahala, potlaka.” Thiza o ile a tlallwa ke kgalefo e kgolo. “Ke utlwile Ntaoleng, wa ntena le wena!”

Thiza o ile a fihla sepetlele yaba Ntaoleng o theoha koloi pele e ema a batla a wela. Ntaoleng o ile a tla le setulo sa mabidi yaba ba mo beha ho sona ba mo kenya ka phaposing ya tshohanyetso. “Ke kopa thuso hleng, ngwaneso wa timela,” ke Thiza eo. Thiza o ile a tsebahala e le motho wa maqulwana, ntle le tshenyo ya nako ba ile ba mo thusa.

Ngaka le mooki ba ile ba mo bokanela ho mo thusa. “Mooki ntlele le motjhini o pholosang,” ke Ngaka Dube eo. Thabiso o ile a timela. “Re lekile, moshemane enwa o lahlehetswe ke madi a mangata. Nako ya timelo ke hora ya borobedi.” Thiza o ne a ntse a ya hodimo le tlase ka sepetlele, a sa dule fatshe. Ngaka Dube o ile a hlaha. “Ngwana wa heno o lahlehetswe ke madi a mangata, mme re lekile ho mo pholosa. Ngwaneno o timetse.” Thiza o ile a seka meokgo yaba ha a bue letho le ngaka, ke moo a ileng a kena koloing yaba o betsehile. “E seng Thabiso moratuwa wa ka,” Ntaoleng o ile a lla ha bohloko yaba o sala sepetlele.

Thiza o ile a fihla habo yaba o nka sethunya moo a neng a se patile teng. Thiza o ne a dula le Thabiso, motswadi wa bona o ile a hlokahala ke pelo nakong eo Thiza e ntseng e le lequlwana, yaba Thiza o nka qeto ya ho tswa. Ha a fihla hekeng o ile a kopana le Ntaoleng. “Abuti wa ka ba tlohele, boiphethetso ha se tharollo,” ke Ntaoleng eo. “Mamela mona ngwanana towe, ke batla ho ruta madinyane ano mokgwa!” ke Thiza eo ka kgalefo. “Ke a utlwisisa, feela o ke ke wa etsa seo. Abuti wa ka o tlo thatafatsa bophelo ba hao,” ke Ntaoleng eo a bua a kgathatsehile. “O ke ke wa utlwisisa, sutha ke tsamaye.” Thiza o ile a kena koloing yaba o siya Ntaoleng a ahlame.

Batho ba ne ba ntse ba ja leoto tameneng e bitswang Karisto Night Club. Spiro le Guluva ba ne ba ntse ba nwella teng. “Monna re mo hlabile ha nngwe feela,” ke Guluva eo a hula motjetje. Nakong eo ba ntseng ba qoqa, Thiza o ile a kena ka jareteng ya tamene yaba wa ba sheba. “Hei monna, ha o so bone Guluva?” Ke Thiza eo a botsa moshemane e mong. Moshemane eo o ile a supa ka monwana feela, yaba Thiza o ntsha sethunya; a se kgabolisa ngwana batho, sa tshwela dikulo. Batho ba ile ba baleha ba tswela seterateng. Guluva le Spiro ba ile ba utlwa feela hore ho senyehile. Maqulwana ana a ile a ipatelletsa ka sepikara, yaba Guluva o ntsha sethunya le yena. Kulo e ile ya tswa yaba e moma lebota. “Ba etsa jwang bana?” Ke Thiza eo a ipatelletsa ka lebota. Thiza o ile kgwatha monwana yaba kulo e feta ka hodima hlooho ya motho. E ile yaba papadi e tshosang, dikulo di ne di etswa jwalo ka sefako.

Thiza o ile a thunya Spiro, moya wa tswa dinameng. Guluva o ile a baleha a ntse a thunya. “Ke setse ka wena moleko towe, inehele satane!” Ke Thiza eo a hweletsa. Guluva o ile a baleha a ntse a thunya jwalo dikulo di ne di ntse di fosa Thiza. “O bolaile Spiro wena monna, atomela kwano,” ke Guluva eo.

Mapolesa a ile a hlaha ka sekgahla se seholo, la buleha lemati la vene ya mapolesa yaba ba qalella ho thunya le bona, ke moo Thiza le Guluva ba ileng ba kena majareteng a batho. “Behang dithunya tseo meleko ting!” Ke sajene Mphi eo. “Wa hlanya wena!” Ke Guluva eo a hweletsa, eitse ha a qeta ho bua o ile a thunya moo mapolesa a neng a le teng. Sajene Mphi o ile a kgutlisa ka ho thunya le yena ha e le Thiza yena o ne a ipatlela Guluva. Mapolesa a ile a hlasela ka sekgahla ba sallale morao ke moo ba ileng ba tshwara Guluva yaba Thiza wa baleha. “Ba mo tshwere moleko ona,” ke Thiza eo a hemesela, koloi ya mapolesa e ile ya tloha yaba Thiza o mathela koloing ya hae.

Koloi ya mapolesa e ile ya feta ka lebelo le hodimo ho ya teropong, Thiza o ne a e setse morao yaba o hata lefura.

“Ke batla ho sala moleko ona morao, o bolaile ngwaneso.” Koloi ya Thiza e ile ya seha koloi ya mapolesa tsebe yaba o e thula lehlakoreng.

“Sajene jwale ke meleko ya eng ena?” Sajene o ile a lahlehelwa ke taolo yaba koloi e thula palo ya letshwao la tsela yaba ya tima. Sajene o ile a hula sethunya a hemesela hodimo le mosebetsi mmoho le yena. Thiza o ile a theoha koloing a halefile haholo.

“Sajene re shwele mona, ke Thiza enwa.” Mapolesa a ile a tswa ka koloing ba nyanya ba tshwere dithunya. “Ema moo, re ya o kwalla le wena. Ke eng seo o se etsang?” Ke konstable Maqelepo eo. Sajene Mphi o ile a mo atomela ntle le tshenyo ya nako yaba ba ya mo kwalla. Mapolesa a mang a ile a tla ho tla thusetsa. Guluva o ile a ahlolelwa polao yaba Thiza o ahlolelwa ho thula koloi ya mapolesa. Boiphethetso ke lefeela hobane qetellong ha o bone tse molemo, mme bophelo ba hao bo a senyela kapa o ipakela lefu.