Ke ile ka leba hae, ho ilo ja ke be ke hlobole diphahlo tsa sekolo ke tene tsa lapeng. Ke ile ka makala ha ke utlwa batho ba bua ka tlung, ke sa feta ka phera, hara mantswe ao ka tseba la mme wa ka. Ne se ke itlwaeditsa ho mmitsolla, ke re Stella, hobane ke ne ke se ke mo hloetse hore o ile a re siya. Empa he e itse ha ke bula monyako, ka fumana a bontse hamonate hoo ke ileng ka mo tshwarela hanghang.

“Mama! Mama! Yoh mara, Mama!” ke ile ka hwelehetsa ke bile ke nyahlatsa mokotlana wa ka wa dibuka hona moo, ka ipetsetsa ho ena. O ne a bonahala a fokotse ho feta ha ke ne ke hopola, empa mofuthu wa matsoho a hae a neng a nkamme, le ho otla ha pelo ya hae ho ile ha nkgopotsa hore ha ke ne ke sa le monnyane o ne a ye a nkame ka ona mokgwa ona ha a tswa mosebetsing.

“Mme, o etsang mo?” ka mmotsa, hlooho ya hae o ne a e beile lehetleng la ka.

“Ba ntokolotse tjhankaneng ke so qete kahlolo eo ke neng ke e behetswe. Ke ne ke lakaditse hore ke fihle o sa ntebella,” ke ha a nkaraba jwalo a le dikeledi mahlong.

Ke ile ka fihlelwa ke mohopolo wa mohlang ba neng ba mo kgokgoeletsa ntlwanatshwana, ba mo kentse mahlaahlela, le mohlang re neng re mo etetse hona tjhankaneng moo, ho nkga moya o henngweng ke batshwaruwa, ka ikgula ho ena. Ha a’ka a hlokomela sena hobane ha ke aka ka senyeha ka mahlong ha ke etsa jwalo. Ka kelellong ya ka ho ne ho na le lentswe le nkgopotsang hore Stella ke setlokotsebe se se nang molemo, se siileng bana ba sona ba sena mme. A na a ka lebella hore diketso tsa hae di lebalehe ha jwalo feela? Tjhee, ho ne ho se na hore re ka kgutlela morao kamora dihlong tse ileng tsa re aparela ka baka la diketso tse seng molaong tsa hae.

“Oo, ke a utlwa.” Ka rialo, ke leka ho bua jwalo ka ha ke tlwaetse. “E re ke ilo beha ntho tsa ka, ke hlobole diphahlo tsa sekolo mme re tla bua.” Ke ile ka phamola mokotla wa ka wa sekolo, ka leba phaposing ya ka.

Moen’aka Snethemba o ile a kena ka yona nako eo. “Bhuti, uyabona ukuthi umama ubuyile? Sekumnandi futhi lay’khaya!” a ntjodietsa.

Ke ile ka bonya le ena, “Le nna ke a mmona ngwaneso, ke tshepa ho tla ba jwalo ka ha o tjho,” ka rialo ke ntse ke leba phaposing.

Nkgono o ile a nkgotsa a re, “Hao Thulasizwe, na hobane jwale mmao o se a kgutlile nna ha o sa ntumedisa le ho ntumedisa?”

Ke ile ka kgutlela morao ho ena. “Ntshwarele Nkgono, ke ile ka itebala.” Ke ile ka mo ama ka ba ka mo aka lerameng.

O ile a bososela. “Ke o etseditse dijo tsa motsheare, ke di kentse ka ontong, o tla dija ha o qeta ho hlobola diphahlo tsa sekolo.”

Stella a tletleba. “Hau mara Mama, e re ngwana a je. Hape le nna ke lapile, hobaneng re sa je mmoho?” a etsa motlae.

Ke ile ka ikutlwa ke tlallana, e ka re ke batla ho mo ketolela fatshe. Ke sa tarakane jwalo ke ha mohopolo oo o se o tswile kelellong ya ka.

Ha ntse re dutse, re ja, Stella a ntjheba. “O ntso ya jwang na mor’aka?”

Ke ile ka mo sheba, ne ntse ke tenehile, empa ke ile ka itshwara ka baka la hobane Nkgono o ne a le teng. Ka ntsha meno e ka ke tsheha le ena, “Ntse ke le ‘hantle’, wena?” ka mmotsa.

A sheba Nkgono. “Le nna ne ntse ke le hantle, ke mpa feela ke hlolohetswe wena le Snethemba, ke phetho ke tu,” a nkaraba.

Ka inamisa hlooho, ke shebile sejana sa ka. “Ho lokile he,” ka buela ka marameng. O ile a tadima Nkgono hape, a boela a ntjheba. “Sekolo ntse se ya jwang?”

Ka fela mosa. “O fihla feela empa o so botsitse dipotsopotso tse sekete! Ke kopa o mphe tshweya ke je dijo tsa ka – dijo tseo ke di etseditsweng ke Nkgono a nthatang? Ee! Kepha ufaka isandla ekudleni kwami mawuceda ubuza umbuzo ongapheli!” Ka mo shashabetsa. Ho ile ha kgaoha moo ho neng ho kgwehla ha Stella a mpotsa ka sekolo. Se neng se lla ka kelellong ya ka ke hore ke kotsing ya ho iphumana ke le ka hara tebetebe e kang eo a tswang ho yona ena, ha nka ka sitwa ho nyolla dimaraka tsa ka sekolong. “Futhiyazini, awungiyeke!” ka bua ke phahamisitse lentswe.

Nkgono ke ha a lamola. “Hau mara Thulasizwe, hlisa ulaka mntwanami, umamakho bekazibuzelanje ngoba afuna ukwazi ukuthi uquba kanjani eskolweni ngoba akuthanda.”

Ke ile ka phahama ke tobile Stella. “Ha o ne o re rata, o ka be o sa ka wa re siya mona re le bang!” Ka rialo e le ha ke nka mokotlana wa ka wa dibuka, ke leba kamoreng ya ka, ke fihla ke ikwalla ka hare.

Re bolelle: O nahana hore ke hobaneng Thulasizwe a ile a itshwara ha jwalo? Wena o ne o tla etsa jwang ha mme wa hao a ne a tswa tjhankaneng?