Ha re feteleng pele kamora matsatsi a mane. Ke letsatsi le eteletseng la moketjana pele. Haesale ke tshwarwa ke mala ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya. Ke tshohile.

Ho feta moo, ho na le taba ena ya ho apara ka tsela ya ho ikgakanya . Ke shebeha hampe ka diaparo tsa ka tse tlwaelehileng, ebe jwale ha se ke apere tsa boikgakanyo teng.

Nna le mme wa ka re dula foleteng e nang le dikamore tse pedi tsa ho robala mane Argyle Road, Woodstock. Ke ha o tswa mmileng o moholo, kahoo ho lerata haholo. Ke robala ke kentse diporopo tsa ditsebe, hobane mesong e meholo di-gaatjies tse hoeletsang ditekesing di etsa lerata le leholo. Ha se sebaka se setle ka ho fetisisisa, empa Mme o re se ntse se ntlafala.

Ha morao, ha re ntse re shebile The Bold and The Beautiful, ke buela hodimo ntse ke nahana.
“Mohlomong ha ke no ya. Taba ena ya ho apara ka tsela ya ho ikgakanya e nkgathatsa maikutlo haholo.”
Mme wa ka o ntjheba ka leihlo le bohale. Mme o nka remouto a tima modumo wa televishine.

“Eng? Butle pele Aggy. O tshwanetse o ye. Ere ke o jwetse. Ke tla o thusa ho kopanya dintho hantle.”

Mme wa ka ke seroki, kahoo ho a utlwahala hore o tseba ho roka haholo.

“Re ka nna ra o rokela seaparo se setle sa boswaswi. Re tla o etsa hore o shebahale jwaloka moloinyana e motlenyana!”

Kamora metsotso e mashome a mabedi re se re kgutletse soufeng, dintho tsa ho roka tsa Mme di tlese hohle tafoleng e ka pela rona. O tlwaetse ho roka le ho loha a ntse a shebeletse TV, kahoo re kgona ho shebella se etsahalang ho Bold re ntse re sebetsa.

Nna le Mme wa ka re boela re dula le ho shebella lenaneo le latelang. Ho monate – re babedi feela. Re shebella re ntse re tshwere mosebetsi wa rona matsohong, re keketeha le ho tsheha maphelo a batho ba bang.