Re tla tlolela pele haholo nakong e tlang jwale. Ha re feteleng ho 2014. Ke Kereiting ya 11. Ke Mantaha, ka nako ya thuto ya bobedi.

Titjhere e rutang Histori, Mong Oelofse o morao nakong. Bana ba ka tlelaseng ba itshwere jwaloka kamehla ha titjhere a le siyo. Jwalo ka dikwata tse tellang feela tjena.

Ke elellwa Carmen a tla ho nna a ntse a tsoka letheka. Carmen Hofmeyr ke ngwanana ya lonya, ya ikgohomosang ho feta bohle ka tlelaseng ya rona. Hantlentle nka re o lonya ho feta bohle Afrika Borwa. Ke karolo ya sehlotshwana sa banana ba batlang ho ba dimotlelara, ba batlang ho ba dibini, ba nahanang hore ba betere, le banana bao ho nahanwang hore ba “hodimo”, leha ke sa bone hore na ke eng e ba etsang hore ba be hodimo, ha ho letho.

Bohle ba nahana hore Carmen o motle, empa nna ha ke bo bone botle boo. O ipesitse letlalo ka letsatsi, ka moriri o mosweu o molelele haholo. O itlotsa molomo ho tlola tekano ka mebala ya teng. Ho feta moo o ikuka dinepe ha lekgolo ka motsotso feela a di romele intheneteng. Mme bohle ba a di “rata” mme ba ngola dintho tse kang, “O motle hakaakang!” Ha se feela a nahanang hore ke Tyra Banks. Owai!

“Hei,” o rialo, a qala ho bua ka tsela e kang o tenehile, mme a bea karete hodima deseke ya ka. “Titjhere ya ka ya thuto ya guidance o re ke tlamehile ho o memela moketjaneng wa ka. O se ke wa mpotsa hore ke hobaneng. Kahoo he, memo ke eo.”

Ke makaditswe ke botala bona ba hae hoo ke qetellang ke mo shebile feela.

Ho ba le kgutso e telele, mme o eketsa ka hore, jwaloka haeka o ntse a nahana: “Ke moketjana oo ho jewang lesela. Mokotaba ke ‘dinako tsa tshomong’. Nna ke tla ba Cinderela BTW. Aterese ya ka e ka morao mono.”

Ha ke eso ka ke memelwa moketjaneng haesale ho tloha ke le monyane sekolong se tlase.