“Kelebohile!”
Ha a hweshetsa lebitso la hae mmele wa Kelebohile o a thothomela. Molomo wa hae o bososela haholo, jwalo ka mahlasedi a letsatsi kamora sekgohola. Ho ema jwale ho fedile.
Mohau o a atamela, ho fihla hantle ho yena mme o bula diphaka tsa hae.
Ka ho lla ho hosesane Kelebohile a itiha kahara oona mme bobedi ba mamarelana jwalo ba sisinyehela pele le morao butle eka ba kgumame. Ee, ba hlomohetse tahlehelo ya bona. Bobedi ba llela dilemo tseo ba ka beng ba di qetile mmoho, bana bao ba ka beng ba bile le bona, ditsheho, esita le dinako tse boima tse neng di tla ba teng. Lefatshe! O ile wa ahlama mme wa re kwenya; jwale o a re hlatsa hape! Na ho sa na le nako?
“Kelebohile,” a hweshetsa, “o a tseba hore ke sa ntse ke o rata. Ke a tseba ke a o rata!” Kelebohile a mo utlwa a thothomela ha a beha hlooho ya hae molaleng wa hae. Ha bobebe feela, a sidila mokokotlo wa hae jwalo ka ha eka ke lesea.
Ba paqame jwalo ba kgutsitse, ba feletswe ke mantswe. Nako ya nna ya tsamaya. A ikutlwa jwale a lokoloha letswalong la nako e fetileng. Jwalo ka seriti, la nyamela. Sebakeng sa lona ha fihla mofuthu wa phefumoloho ya Mohau sefahlehong sa hae, motjheso wa sefuba sa Mohau hodima sa hae le monko wa hae, oho, monko wa hae o monate jwang feela! Mohau kahara diatla tsa ka!
A ikgula butlebutle, yaba Mohau o rola dieta mme a dula fatshe. O ne a ke ke a atamela ho feta mona!
“Ke qale hokae?” a hweshetsa. “Ha ke qeta ho o siya ke ile ka tseba hore ke entse phoso. Maikutlo a mabe ruri.” A phuthela sefahleho sa hae ka matsoho, a kobeha hore a sune Kelebohile. “Ke bile sethoto, sethoso sa moshemane.” A emisa.
“Tswelapele, ke a kopa hle?” Jwale a qala ho nyorelwa mantswe a hae a latelang jwalo ka metsi lehwatateng.
“Kamora hore ke bue le wena lekgetlo la bobedi, founu ya ka e ile ya phamolwa matsohong a ka. Ya ba e ile! Jwalo feela! Ke ne ke sa ntse ke na le nomoro ya Mokgadimetso mme ka mo letsetsa ha morao ka founu ya rakgadi wa ka. A mpolella hore o Protea South. Mme ebile o fetotse lebitso la hao. A se ke a mpolella hore ke hobaeng. Seo se ile sa nkgalefisa haholo! Ke ile ka lelera jwalo ke sa tsebe hore ke etseng. Ke ile ka letsetsa Ntate mme ka mmotsa hore na o utlwetse letho ka wena. A mpolella hore o nyetswe ke monna e mong wa leqheku. Ebe seo se ne se bolela hore o nyetswe mme o dula Protea South? Ke ne ke sa kgolwe! Ke ne ke o halefetse mmoho le Mokgadimetso. Ke nahana hore o nkentse sephoqo. Hobaneng ke ne nka o belaella?” Pontsho lemoha tshotleho e lentsweng la hae.
“Mme ka nahana hore o ntebetse; ke ile ka tshwarella ho fihlela moo ke feletsweng teng.’ A kgefutsa. ‘Na Teboho o o jwetsitse…?”
“Ntho,” a araba, a phaphatha moriri wa hae le ho mo pholla mmopong ka monwana wa hae. “Mabapi le lenyalo la hao la qobello le ho tla mona o le mong…”
“Letho le leng…?” lentswe la hae le fedile jwale.
A mo sheba ka lerato kahara dithaka tsa mahlo. “Kelebohile, bobedi re entse seo re neng re ka se se etsa hore re phele. Re ne re tlamehile. Ke ile ka nyala ngwanana e mong, Naledi, ya neng e le moradi wa monna ya nthutileng ho tsamaisa keratjhe. Ke ne ke mo rata, empa ke ne ke sa kgone ho mo ratisisa; e ne e le lenyalo le kwetseng sebaka feela. Hobane ke ne ke le mokgwenyana wa hae, a nketsa mookamedi wa dikeratjhe tse mmalwa tsa hae. Ke ile ka ba mookamedi; mme jwale ke na le diabo.”
“Na o na le bana?” a mo sebela, a sa tsebe hore o tla ikutlwa jwang ha a mo jwetsa. Hobaneng a sa ntse a tsotella seo?
“Banana ba babedi – e mong o dilemo di leshome le metso e robong mme e mong o dilemo di leshome. Empa, Kele… mosadi waka…”
“Ee?”
“Kamora ngwana wa rona wa bobedi o ile a fumana hore o tshwerwe ke kankere. O hlokahetse dilemong tse hlano tse fetileng jwale, ha ke ne ke le dilemo tse 35.” Yaba, jwalo kaha eka o sa tswa hopola, “Ke dumela hore ke na le bomadimabe. Ke tlameha ho dula ke le mong – ke qadile ka ho lahlehelwa ke wena, yaba Naledi, mme jwale…” Ha a kgone ho tjho.
“Mohau,” lentswe la hae le a thothomela, “na o rata morahao?”
“Ke a mo rata. Ke tshepisa hore ke tla mo hlokomela bophelo bohle baka. O entse qeto ya ho phetha selemo sa hae sa ho qetela sekolong mme o tla tla dula le nna Jozi. Ke na le keratjhe mona Maseru mme re ka nna ra kgutla ho tla e sebetsa le yena. O sa ntse a rata ho tantsha, mme seo ke taba e ntle. Ke lebeletse ka thabo ho kopana le Kedibone. Se ke wa tshwenyeha, o na le ntatae jwale!”
Jwale kgutso ya ba aparela hape. Kelebohile a leka ho kopanya dintho mmoho empa a thatafallwa. “Mohau, ke enwa le nna jwale, hona jwale,” a nahana, “seo se lekane.” Ho kgohlela ha tsukutla mmele wa hae o fokotseng. A ritsetsa morao, Mohau a sheba lefifi le ka phapusing mme a bitsa motho. Mooki a kena mme a mo suthela. A fa Kelebohile ente e kokobeditseng ho kgohlela ha hae empa hape ya mo otsedisa. Ha a sa tahilwe ke ente jwalo, a sheba Mohau mme a mmonela lerothong pela bethe ya hae. Jwale kgotso ya mo aparela.
Thapama ya ikela butle jwalo, eka e thibela phirimana ho fihla. Seo Kelebohile a sa se tsebeng ke hore mme wa hae o teng ka phapusing. Jwale o dilemong tsa bo mashome a robedi mme o thapile jwale ha a lebana le moradi wa hae, o swabetse seo a se entseng. Ka ho leka hore a tshwarelwe o inehetse thapelong mme o rapela Rosari. Mme wa hae o thabetse ho tseba setloholo sa hae Teboho, mme o ikemiseditse ho tlatsetsa bophelong ba hae ka tsela e molemo. O tshepa hore o tla fumana monyetla wa ho tsharelwa ke moradi wa hae. “Emisa tshupanako! Kgutlisetsa nako morao! Se ke wa nka moya wa hae!” mme wa hae a rapela.
Dikerese di a boneswa ha Kelebohile a hlaphohelwa. O bona difahleho tsa batho ba bohlokwa ka ho fetisisa ho yena – morahae Teboho, moratuwa wa hae Mohau le, ee, mme wa hae. O oma ka hlooho mme o a bososela, o fumana ho le thata ho bua jwale.
Teboho le Mohau ba kgumama lehlakoreng ka leng la bethe jwale mme wa Kelebohile o kgumama pela Teboho. Mohau o diha hlooho: “Ke a leboha Modimo wa ka o re kopantseng hape mmoho mona Lesotho. Ke a leboha ha o re file monyetla wa ho hlalosa hore re maswabi le hore re tshwarelwe. Ke a leboha le ka bophelo ba Moratuwa wa rona Relebohile. O tla ho wena hona jwale. Mo baballe ka hare ho matsoho a hao o tlise kgotso ho yena. Amen.”
Kelebohile a otlolla matsoho a hae. Teboho le Mohau ba tshwra matsoho a hae, ba atamela ho mamela mantswe ohle a hae. “Ke a leboha moraka le wena moratuwa wa ka wa bohlokwa, ka ho mpha monyetla wa hore ke maswabi mme ke tshwarelwe. Ke thabile haholo jwang hore bophelo ba ka bo bile le molemo ho lona. Jwale wena mme, mme wa ka, ke o tshwaretse. Amohelang beso, ho phethahetse, le mpone ke kutse. Amohelang mme bophelo bo tswele pele. Modimo o ne a le kadimile nna mme jwale o a ntata. Amohelang mme le tshedisehe, moya wa ka o tle o kgone ho phomola ka kgotso.”
Jwale matswe a hae a duma kahara ditsebe tsa bona: Modimo o ne a le kadimile nna mme jwale o a ntata. Amohelang sena, baratuwa baka, hore moya wa ka o tle o phomole ka kgotso. Empa ho sa na le tse ding tse tla tla. Metsotswana feela Kelebohile a kwetse mahlo mme moya wa hae o se o falla, a hweshetsa mantswe a ileng a bopa bokamoso ba bona: “Phelang maphelo a lona ka botlalo, ho sa kgathalehe hore a le tlisetsang. Fumanang kgotso e kahare. Ke a le rata, kaofela ha lona.”
***
Re bolelle seo o se nahanang: Na o nahana hore Teboho o tla kgona ho fumana kgotso? O nahana hore o tlameha ho etsang jwale?