Teboho a tlosa sekotlolo se sa tshelang sa sopho mme a se beha tafolaneng ya bethe. A thusa mme wa hae ho dula a itshetlehile ka hetebotho e kgabisitsweng ka makgethe.
“Ka moo a bonahalang a hodile ka teng”, Kelebohile o nahana jwalo a le motlotlo, a sekamela ho yena ha a mo thusa ha bobebe ho phahama. “Mme mmele wa hae – ha o sa le mosesane hakaalo empa o molelele jwale, ehlile o molelele! O ditshika, ebile, mme ka tsela eo seledu sa hae se bontsha a na le boikemelo. Ha ke kgolwe hore ho na le moshemane a ka bapallang ho yena, ke tiile.”
A bososella kahare. Leha a lemoha hore ho ka nna ha ba le batho ba bang haufi le yena, o iponela morahae feela phapusing eo e fifetseng.
“Mpolelle, Teboho, o ikutlwa jwang jwale ha ke fihlile lapeng?” a pheta.
Teboho a dula kobong ya mme wa hae e putswa, maoto a hae a kobehile mme mmele wa hae o tobile mme wa hae. “O a hopola hore o mpoleletse ka Mohau, lejwe leo o mo fileng lona? Jwale ha ke le sekolong ka mo batla ho Facebook.” A emisa ha mme wa hae a makala. “O a tseba inthatene, inthaneteng. Ka fumana batho ba bangata ba bitswang Mohau. O ne o itse ke batlane le makhenikhi, ha ho jwalo?”
Kelebohile a oma ka hlooho. “Ee, ke a hopola, mme o ne o nahana hore o tjhentjhile mosebetsi?”
“Jwale ka jarolla difoto tseo. E bile leeto le boima haholo – hlooho ya ka e ne e tsekela ha ke nahana – ebe ke yena ntate wa ka? Oho bathong! Empa jwale yena? Ke nahana feela hore le yena o fetohile. Jwale ka fumana banna ba babedi ho Facebook mme ka kopa ho ba metswalle ya bona.”
Moshanyana wa ka ya bohlale, a nahana, a batla ho mo hula mme a mo sune. “O ile wa ikutlwa jwang? Na ba ile ba araba?”
“Ho bile boima, Mme! Ba re, ke mang jwale mothaka eo? Ka ikutlwa ke tsitsipane haholo. Hobaneng a ne a sa leka ho o fumana? Na o ne a tseba le hore o imme? Mohlomong ha ke ne nka kopana le yena o ne sa tlo nthata? Kapa ke ne ke sa tlo mo rata? Ha ke tsebe haeba nne ke tla mo rata kapa ke mo hloye!”
“Jwale yaba…?” o tshwara letsoho la hae mme o a le tiisa.
“Ke ile ka fumana keratjhe! Ebile e mong wa beng ba matoto a dikeratjhe – le e nngwe mona Lesotho. Ke ne ke maketse hoo ke ileng ka batla ke ikgaola molomo ka meno! Ekare o ka be o re bone ha re kopana. Modimo! O tshwana le nna feela, Mme! O a tseba, ho ne ho makatsa jwang feela. Ha re ntse re eme feela moo. Re tjamelane ka ho makala. Ke ne ke batla ho baleha empa maoto a ka a ne a qahilwe fatshe. Yaba – ha ke tsebe – motsotswana kamora moo a mphuthela kahara matsoho a hae mme a ntsukutla – ebile a lla Mme! Monna ya mokaalo ka yena! O ne a sa tsebe hore o na le mora.”
“Mohau,” a seba, “o mo fumane.”
“Empa o ne o sa mpolella hore ha o Pontsho. O ne a ntse a phetapheta lebitso la Kelebohile!”
“Ke ne ke tshaba hore motho a ka nna a mphumana mme a nkgutlisetsa hae ho monna elwa ya tshabehang! Ke ne ke le basadi ba babedi – Kelebohile le Pontsho.” A inamela pele, a suna Teboho ha bobebe phatleng. “Ke a leboha!”
“Ho lokile, ho lokile Mme.” O ikutlwa a kenwa ke dihlong. “Oh, mme jwale ke na le ID le dintho tse ding kaofela, ebile nka nna ka tsamaya ho ya tantsha mose ho mawatle! Ebile hape, ee, o ne o feela o kula, ho setse hanyane feela o kgaoha Mme! Re ile ra o isa sepetlele yaba Mohau o re re tlameha ho o kgutlisetsa Lesotho hang ha dingaka di re fa tumello ya hore o ka ka kena leetong.” A emisa. “Nkeke ka kgona ho mmitsa Ntate hajwale. Ho ba le ntate ha ho utlwahale e ka ke nnete ho nna; hajwale e sa ntse e le Mohau feela! Leha ho le jwalo, ka fumana tumello ya hore ke emise sekolo nako ya dibeke tse mmalwa mme re o kgutlisetse hae.”
A emisa, mahlo a hae a bonahala a tshaba hanyane, jwalo ka ha eka ho na le se seng seo a se lebetseng. Ba dula mmoho jwalo ba sa re letho.
“Mokgadimetso yena?” o bua a kgutsitse.
“O hlokahetse, Mme.”
A ema. “O re ngoletse lengolo. Ke kopa o paqame. Ha o ka phahama o tla thaba ho feta tekanyo.”
“Ke nahana hore ke hopola lengolo la hae – mpolelle hape?” A hemela hodimo ha a sekamela dikobong.
“Jwale, ekare, o ile a ngolla batswadi ba hao mme a ba jwetsa hore na ho etsahetseng bosiung boo.” A thetha sehohlola mmetsong, mme a tswela pele kapele. “O ba jwetsitse hore o o thusitse mme yaba ho ba le mathata ka Mohau le selefounu mme, nahana feela? O ntshietse ntlo ya hae! Ee! Jwale batswadi ba hao…ema, lengolo ke lena…ebe le kae jwale?” A phahama.
Mmae a mo thiba.
“Dula mona Teboho, ke a o kopa.’ A mo phopholetsa mme a tshwara letsoho la hae yaba o kga moya. ‘Boreiselete ba ka – bo letsohong la hao?” Dikgapha tsa tlala ka mahlong a hae mme tsa keleketla marameng.
“Ee Mme, e dula e le ho nna jwale.” A dula, a ntse a pholla matsoho a mmae jwalo. “Ke tlameha ho o jwetsa – batswadi ba hao ba ne ba swabile haholo ka seo ba se entseng. Empa Mme… Ssh! Mamela hle! Pale ya hao e nthusitse haholo! O a bona ha ke ne ke arohana le Kedibone. Ke ne ke le mothaka wa lehlanya feela tjena mme ka ikenya dikgathatsong empa o ile wa nthusa ha ke ne ke le mathateng. Kedibone le nna re boelane hape!”
Kelebohile a hlwephetsa, a utlwa meokgo e theohela molaleng wa hae. A bososela. Teboho a nka thishu lebokoseng le tafoleng mme a mo fa yona.
“Na o batla ho dula?”
“Eya, moshanyanaka.”
A mo phutha ka diphaka, mme a mo phahamisa hore a dule. Kelebofile a mina, a phumula mahlo a hae mme a lahlela thishu moqongwaneng wa dithole.
“Jwale ngwanaka ya mong feela,” a utlwahala a na le ho nyahama lentsweng la hae, “o tla etsang ha ke se ke ile?”
“O tla ba le nna, ntatae,” lentswe le tebileng la monna la araba.
“Ke lokela ho tsamaya!” Teboho a tloleha hodimo mme a tsamaya.
“Mohau?”
Mohau a suna Kelebohile lerameng. “Ha re bue,” a hweshetsa.
Mme jwale dilemo tse mashome a mararo tsa tlholohelo tsa mo imela. O kgutletse mola nokeng, moo ba robetseng teng, mahlo a hae a mofuthu a mo shebile ka pososelo. A ikutlwa a re, “Ha ho ka ba le bothata teng?”
“O a tseba ke a o rata, Kelebohile wa ka.”
Mantswe ana a mo hlaba jwalo ka metsu ya dinotshi. Ho utlwisa bohloko! Masiu a bodutu, ditoro tse lefifi, banna ba fapakaneng ba feta ka potlako kelellong ya hae. A ka mo rata jwang jwale? Kamora tsee tsohle? “Ke silafetse, ke silafetse, a nahana, empa ke enwa mona, o teng! Ee, ke bona lejwe la hae molaleng wa hae. Ha a fetoha, tjhe, empa o fetohile haholo! Ha ke kgone ho hema! Modimo wa ka hle, Ee, ke nahana hore ho na le Modimo! A ke o mpoloke metsotso e mmalwa feela hore re kgone ho bua!”
***
Re bolelle seo o se nahanang: Mohau o tla jwetsa Kelebohile eng? Ebe o tla shwa kapa o tla phela? Ho tla etsahalang ka Teboho le Kedibone?