“Mme, Mme, tsoha! Re fihlile lapeng! O bolokehile mme o Lesotho hape! Nka, enwa sopho ena! Ra eme ho fihlela o kgona ho kena leetong le tswang Johannesburg.”

“Hae? Rona? Moraka?” a seba. Teboho a mo thusa ho dula.

“Ao Teboho, ke a leboha. Marothodinyana feela. Ke kgathetse haholo.”

A leka ho bososela. Ha a ntse a phoka sotho e futhumetseng ena a phomola mesamong ha sefahleho sa Teboho se tiya mme a hopola tsa nako e fetileng, a hopola bophelo ba bona Protea South.

A ipona a nwa jwala, e se e le lekgoba la jwala. Teboho a mo sheba ha a leka ho kokotletsa a re a o a bua, yaba o a hlatsa, a wela fatshe a iphinne sekolokoto. Ke enwa jwale, o paqame betheng ya hae mme ho na le monna ya boima ya palameng hodima hae. O utlwa le boima ba hae. Ha a ntse a tsekela jwalo a mmona a siya tjhelete hodima tafolana e pela bethe ya hae. O a lemoha hore ha a tsebe lebitso la hae.

Teboho ke enwa, mora wa hae ya mong feela. Keng ha a mo tjametse? Ho bonahala eka o a mo ahlola ka mahlo a hae. Morahae ya mong feela! O a mo ahlola? Ha a tsebe hore o tlameha ho fumana tjhelete? “Ha se phoso ya ka! Ke phoso ya Mohau,” a utlwa a batla ho mo jwetsa. Empa, tjhe, o tshwana le ntatao jwang feela! Mahlo ao a hao, molomo le oona!

“Se ke wa ntjheba ka tsela eo hle ngwana wa ka! Eya tantshing ya hao ya mapantula, empa tsamaela thoko le banana. Se ke wa tshwana le ntate wa hao!” A utlwa a mo jwetsa jwalo.

“Ntate wa ka? Empa o mpoleletse hore ntate wa ka e ne e le letahwa le neng le o nyetse mme wa baleha? Ha se nnete Mme?” Kgalefo e lentsweng la hae ya mo tshosa.

“Tjhe, seo ha se nnete kaofela Teboho. Ntate wa hao wa nnete e ne e le monna ya lokileng, ya mosa; lebitso la he e ne e le Mohau. Ya tswang Lesotho, jwalo ka nna. O tsamaile ho ya tla batla mosebetsi mona mokoting ona wa dihele, empa ra lahlehelana. O tshwana le yena jwang feela, ngwanaka. Ke thabile haholo ha o tshwana le yena. Ke a o kopa se ke wa lla. Ke maswabi ke ne sa kgone ho o jwetsa. Ke ne ke le dihlong hore nka nyalwa ke monna eo. E ne e le batswadi ba ka! Ba ile ba nqobella hore monna eo a nyale yaba ke a baleha. Ee, ke bona sena kahara mahlo a hao, letswalo la ho siya lehae la heso. Ke le mong, ka tla Johannesburg. Ke le mong, ka lahleha. Ee, ka lahlehelwa ke tumelo ya ka – kahare ho nna, ho Mohau mme ha nka ka o fa monyetla, moraka. Ka fetola lebitso la ka. Ke nna…” Ha a leka feela ho bitsa lebitso la hae, a hlolwa ke maikutlo mme a qalella ho bokolla.

A bona morahae a kobeha inamela ho yena. A mo thetsa lerameng; le ne le le metsi. “Ke a kula, Teboho. Ke kopa o nkise sepetlele.” A mo tiisa ka letsoho, a ikutlwa a re, “Latela ditoro tsa hao, empa o se tlohele sekolo moshanyanaka! Ke maswabi haholo, haholo e le ka nnete!” Ha a sa kgona ho pata ditaba tsa hae ka sefubeng jwale.

“Ke maswabi haholo. Hore ha ke a o rata ka tsela eo ke neng ke lokela ho o rata ka yona; hore ke o tlohetse o sa tsebe letho ka metso ya hao, hore ke fetohile letahwa mme ka fetoha seotswa, ka ba ka qetella ke tshwaeditswe ke HIV. Ke o phoqile, Teboho. Ke ne ke sa kgone ho o bona ka lebaka la kgalefo ya ka ho Mohau. Ke bile mme ya mobe! Ho bohloko jwang feela! Ke lahlehetswe haholo moraka! Ke tlohetse tsohle ka lebaka la ntatao. Empa e ne e le monna ya lokileng. Mohlomong o sa ntse a le jwalo. Ke ile ka kgaotsa ho batlana le yena; mohlomong le yena o ne a ntse a mpatla, mohlomong? Mmatle o mo fumane.”

A ipona a therekela ho theoha betheng mme morahae a mo thusa ho tsamaya. O molelele, ka seemo se sesesane empa a kgona ho mo jara. A mo isa sutukheising ya hae mme a e bula. Kahare a fumana boreiselete e nang le lehakwe. A ntse a itholetse jwalo a mo fa yona, tlama sena letsohong la hao. Ha a sa kgona ho bua jwale. “E boloke. Ntatao…” Mantswe a hae a fela.

Empa ha ho bokudi bo ka phumulang mantswe a morahae ha a dutse pela hae ka tekesing ba ya sepetlele.

“Mama, haesale ke o halefetse ka nako e telele jwale. Ha o ya ka wa mpolella letho ka lehae la heso kapa batswadi ba ka kapa bona bonkgono le ntate moholo ba ka. O bonahetse eka o ntlhoile; lekgetlo le leng le le leng ha o ntjheba ke bone ho fela pelo mahlong a hao. Ke ne ke o tshaba boholo ba nako. Ke ne ke sa tsebe hore nka be ke entseng haeba ke ne ke sa ba setantshi. Ka moo ke neng ke lakatsa eka o ka mpona ha ke tantsha ka teng. Teng moo, kapela matshwele a batho. Morahao! Ke ne ke batla hore o be motlotlo ka nna! Batho ba bang ba ne ba kgona ho bona talenta ya ka, empa e seng wena. Na o a tseba hore ho bile jwang hore ke fihle hae mme ke fumane o robetse le monna? Ka phapusing e le nngwe! Ee, ka lwana mme ka lahlehelwa ke Kedibone nakwana. Mohlomong ho ne ho tlameha ho ba jwalo. Ke ne ke le bohloko. Empa ke sa ntse ke o rata. Nkeke ka o thusa empa ke a o rata! Jwale ke kopa o nthutse ho fumana ntate wa ka.”

Ha Kelebohile a ntse a paqame betheng ya hae Roma, o bososela a le mong ha a hopola dipuisano tseo. Ke motlotlo haholo hore re kgonne ho bua, qetellong, a nahana. O na le maikutlo a mmolellang hore moya wa hae o se o tla tswa dinameng mme ebile ha ho sa na sebaka. A ikutlwa a na le kgotso – boikutlo bo botjha. Dilemo tseo tsohle tsa mathata di qala ho feta kapele jwale. Mme ke enwa jwale, kgarejana e nyane, mohlomong e dilemo tse leshome le motso o le mong, a tlola kgati le metswalle ya hae ha ba ya sekolong. O ne a le motle jwang! A sa tsebe letho ka marato. Yaba, ha a le dilemo tse mashome a mabedi, a kopana le Mohau… ba tletse ditoro tse ntle haholo bobedi. Botle bo bokaalo ha ba le mmoho ke mehopolo e fihlang e ntse e feta ka kelellong ya hae. Hei, ke ne ke le monyane, a nahana, ke sa tsebe letho. Empa jwale, ha ho sa na thuso ho itshwaya phoso. Ke lokela ho itshwarela. Ke ne ke tsielehile, ka nka tsela e le nngwe feela eo ke neng ke na le yona. Mme ke ile ka ba sebete! Ka ba sebete haholo! Ho ne ho se bonolo ho nna hore ke tsamaye. Ee, ke enwa… o a itshedisa, o entse seo o neng o lokela ho se etsa Kelebohile.

Ha e ntse eka o a lora jwalo, pelo ya mosadi enwa ya makgatheng a lefu ya amohela bophelo ba hae. Kgotso ya tlala kahare ho yena. Ha a sa na letswalo jwale. Ekare ho na le motho ya mo sireletsang. Ka yona nako eo a hlasimoloha.

Ha a bula mahlo a hae a bona morahae a eme pela hae. “Teboho, mpolelle hore na re fihlile jwag mona, ke a o kopa.”

***

Re bolelle seo o se nahanang: Na o nahana hore Kelebohile o bile sebete? Ebe o tla phela nako e telele ho lekana hore a bone Mohau hape? Ebe pale ee e tla fella jwang?