“Tsoha! Tsoha, re fihlile Johannesburg!” Moqhobi a thintsa hlooho ya hae, a nyarela kamorao tekesing ya hae. Ha nnete e nka sebaka sa ho otsela ha whiskhi Kelebohile a ema ka lesisitheo mme a buela tlase, “Oho, hei tjhe boo.”

Ha a nyarela ka fenstere, a kwala ditsebe tsa hae ka matsoho ho thiba lerata la dilori, makoloi a letsang dihutara. Ka leihlo le le leng le bulehileng ke ho tshaba kganya ya letsatsi a sheba metsamao e potlakileng ya batho seterateng ba sa batleng ho siuwa ke nako mme ba lekang ho tswapela hara sephethephethe, mme e mong a foswa ha bohloko ke koloi. Ha a ikutlwa a ferekane jwalo ke lehlanahlana la Jozi, a ikutlwa a qeyaqeya hanyane. Ha ho letho le ka beng le mo lokiseditse sena.

“Mohau!” a nahana ha a tswa mme a ema a maketse lehlakoreng la tsela, “ke hokae?” Ha a utlwa monko wa disoseje tse hadikilweng, a hopola jwale hore o lapile. A sala nko ya hae morao, mme a kena restjhurenteng e nyane e nang le ditafole tse mmalwa le menyu e ngotsweng botong. “Nka kgona,” a ipolella, a bitsa disoseje tse pedi, dirolo tse pedi le kopi ya teye. A beha sutukheisi ya hae fatshe, a bula phese, a fumana tjhelete mme a lefa.

“Ke kopa ho kenya letsoho!” Mosadi e moholwanyane, ya moholo ho yena mme ya apereng hantle, a bososela. “Ke a bona hore o motjha toropong. Nka, ke tla nka dijo tsa hao re ilo dula mmoho… ke dutse tafoleng yane.” A supa sebaka se tjhabetsweng ke letsatsi pela fenstere.

Ha a utlwa tsena, Kelebohile a dumela. A lemoha hore setaele sa moriri wa mosadi eo ke sa sejwalejwale, dieta tsa hae di theko e hodimo mme o tshwere se bonahalang e le mokotla wa letlalo. Basadi bana ba ja ba itholetse. “O tla mpotsa lebitso la ka,” Kelebohile o a nahana, “empa nke ke ka mmolella hore ke mang. Mohlomong ba ntse ba mpatla mme ba ka fumana mohlala.”

“Jwale o behwa keng toropong e kgolo?” ho botsa mosadi eo. “Oh, ha re sa le moo, lebitso la ka ke Masabata, wena o mang?”

“Nna ke Pontsho,” Kelebogile a araba, a makaditswe ke lebitso leo a lekgethileng. Nke ke ka mo jwetsa hore ke tswa Lesotho. Jwale ke tla mmolellang? Ke maka afe a mang ao ke tla mmolella oona?

“O ilo kopana le motswalle?” ho botsa Masabata.

“Ee, ntho e jwalo. Ke batla ho mo makatsa. Motswalle wa ka ha a tsebe hore ke a tla. Ke batlana le lebenkele la mmino, le bitswang Hilight le Bree Street. “

“Ee, ke tla o bontsha.” Masabata a mo araba ka mofuthu.

O ne a kgothetse ha a kopane le motho ya tla mo thusa, Pontsho a phahamisa maoto hore a kgone ho bapa le Masabata ya tsamaisang kapele ho leba moo a mo isang teng a ema feela ha a fihla dirobotong tse mmalwa mme ba thinya dihukung tse ngata. Batho ba feta pela hae ba bua ka diselefounu tsa bona. Ho tletse dipuo tse ngata feela ditsebeng tsa hae ha a sokola ho utlwisisa esita le mantswe a mmalwa feela. Menwana ya hae e a opa ha a leka ho tiisa mohele wa sutukheisi.

“Ke hona mona!” ho rialo Masabata. “Na o ka lakatsa hore ke o emele, Pontsho? Tlisa, ere ke tshware sutukheisi ya hao.” Pontsho a qeyaqeya yaba o a dumela.

A kgahlametswa ke mmino wa meropa e matla ha a tsamaela deskeng e ka pele. A iteta sebete, a ipeteletsa ho kena mme a botsa monna ya neng a otlolotse letsoho a fana ka tjhentjhe, haeba o tseba Mohau kapa moo a dulang. A sisinya hlooho mme a kwala motjhini wa tjhelete, a mmolella hore Mohau o fumane mosebetsi o mong wa ho sebetsa e le motsaimaisi wa monga keratjhe. “Ha a ka a a rebolella hore o dula hokae empa ke Pimville. Ke maswabi Ausi. Ya latelang?”

A ikutlwa a sa kgone ho sisinyeha, jwale Pontsho a ikutlwa a tsekela ha a utlwa ditaba tsena. “Ke mong tjena; ha ho motho eo ke mo tsebang mona. Ke tla dula hokae, ke tla etsang?” A itshwara mpeng jwalo ka ha eka a ka emisa boikutlo ba ho tetebela. “Jwale ngwana eo ke mo jereng yena?” A thekesela.

“Pontsho, ntshware ka letsoho.” Ke Masabata eo. “Ke a bona hore ha o ikutlwe hantle. Keng o sa kgutlele le nna ha ka? Ke dula Protea South. Ha se lekeishene le mabaibai empa bophelo bo a tswella. Ke na le phapusi e ka thoko…? Bonyane bosiung bona feela?”

“Ee,” ho pheta Pontsho ka hloko, “Mohlomong bosibung bona feela…”

*****

Bosiu bo le bong ba fetoha dibeke tse mmalwa. Butlebutle Pontsho a qalella ho tlwaela Soweto. A letsetsa Mokgadimetso ha a le ha Masabata a sebedisa selefounu ya hae, empa a utlwa ditaba tse seng monate. A utlwa hore batswadi ba hae ba kgathatsehileng ba bitsitse mapolesa mme difoto tsa sefahleho sa hae tsa hasanngwa hohle totopong e nyane ya habo, esita le Maseru. Mokgadimetso o ne a bolokile sephiri sa bona. Pontsho a se ke a makala ha a utlwa hore monna wa hae o latile dikgomo tsa hae. Seo se ne se bolela hore jwale o lokolohile – ka tsela e itseng.

“Leha ho le jwalo ha ke a lokoloha ho ka ba motho eo ke batlang ho ba yena”, a ipolella ha a fiela phapusi ya hae. “Ha ke kgone ho sebedisa lebitso la ka kapa ho sebetsa ka tsela e molaong, jwale ke ikutlwa ke tshwasehile mona ha Masabata. Ke mo thusa ka shibining empa ha se seo ke batlang ho se etsa. Empa bonyane ke a ja ebile ke na le sebaka sa ho robala. Empa Mohau o hokae? Ke letseditse nomoro ya hae makgetlo a mangata haholo empa ha a e arabe le ka mohla. Ho na le phoso! Mme hodima tsena tsohle boimana baka jwale bo qala ho bonahala. Ke tla etsa jwang?” Tshabo, e jwalo ka ho tjhatjhametsa ha tjhouku ya motlakase, ya sisinya mmejana wa hae o mosesane. A itshetleha ka bethe, a fellwa ke moya.

A nka qeto ya ho ya batla Mohau. Pimville e hlile e sebakanyana ho tloha Protea South. Keratjheng e nngwe le e nngwe eo a fihlang ho yona a ema mme a botsa hore na ha ho motho ya mo tsebang; ho ne ho se motho ya mo tsebang. Mme jwale ha a na le aterese ya rakgadi wa hae.

“Hobaneng o nketsa tjee, Mohau?” a ipotsa ke lentswe le phahameng, ha a dutse fatshe ka phapusing ya hae, a furaletse bethe. “Hobaneng ke bile sethoto se jwalo hore ke o kgolwe. O sentse bophelo ba ka!” Yaba o kgaola boreiselete bo tlameletseng lejwe la hae la mpho ho fapana le reng mme a e lahleka ka sutukheising ya hae. “Ee, ha ho letho leo nka le etsang!” Hara mpa ya bosiu, a qalella ho lla.

Ha mafube a hlaha a ikutlwa a le mosesane ha a tsamaya a feta mela ya matlo ho ya tseleng pela lebala. “Ebe ke tla etsang ka ngwana eo?” A botsa sepakapaka. “Ebe nka ntsha mpa kapa nka fana ka yena? Hona nka etsang ka ngwana moo? Pela shibini? Ke tla hodisa ngwana wa ka jwang?”

Ka ho nyahama, mme a tshaba hore a ka qetella a ipolaile, a mathela shibining moo a kopaneng le monna e mong ya mo fileng selefounu e utswitsweng ka Diranta tse mmalwa feela. A e reka a kgothetse ka tjhelete eo a e entseng shibining mme a letsetsa Mokgadimetso.

“Setloholo, ako mmamele hle,” lentswe la nkgono wa hae le ne le le mofuthu jwalo ka kobo ya mariha. “Ngwana eo ke mpho ho wena; ke ngwana wa Mohau. Se ke wa fela pelo! Ka letsatsi le leng o tla mo fumana Mohau. Ho fihlela ka nako eo boloka lesea leo la lona. Ho le bolaya ho ke ke ha rarolla letho. O tla itshola hampe ha o lokela ho phela o tseba hore o bolaile lesea la hao; seo se tla fetola bophelo ba hao dihele tsa bophelo. Jwale ho fana ka yena? O ke ke wa tseba hore na batho ba fuweng ngwana wa hao ba mo tshwere hantle kapa tjhe. Eba sebete. Ke tla o romella tjheletenyana.”

“Ha ke na boikgethelo ke tlameha ho ba le ngwana enwa,” a nahana. “Ke a tshepa hore Masabata o a tseba hore ke imme. Ngwana ya se nang ntate ebile mosebetsi o le siyo! Modimo, na boo ke bophelo baka?” Ka nako eo o ne a batla ho bolaya Mohau. A tila fatshe ka maoto, a tiisa le ho feta, a rahaka mobu ebile a tshwela fatshe. “O leshano! Lekwala! Ke o hloile!”

Phirimaneng eo, ha a kena ka shibining, kgalefo ya hae ya fetoha mollo. Ha a mmona, e mong wa bareki ba hae ba kamehla a mo hoeletsa a le motsheo ho phapusi, “Hela Pontsho, Moratuwa! O hlonametseng hakaa? Tloho kwano! Ke tla o fa ntho e tla o bososedisa!”

***

Re bolelle seo o se nahanang: Na o nahana hore Pontsho o tlameha ho ntsha mpa ya ngwana wa hae? Ebe o tla dula a tshepahetse ho Mohau? O ne o tla reng ho yena nakong ee?