“Ke tlameha ho fumana karabo! Ho tlameha ho ba le mokgwa!” Maru a kwahetse ho seng hona ha Kelebohile a theosetsa nokeng. A pholla lejwe lela la bohlokwa leo a le rokeletseng leseleng la boreiselete ya hae. Kgetlong lena ha ho motho ya mo emetseng nokeng.
“Ke o kopa ntshepe Kelebohile!” a utlwa ha a inama ho hlapa matsoho ka metsing. A hlobola diaparo le dieta tsa hae mme a kena metsing a phallang ha bobebe. “Moya o Halalelang, mpontshe tsela!” Ha a sheba hodimo sebakeng a utlwa letswalo la hae eka ke mahlahahlela a mo tlammeng matsoho, le maqaqailana. Leha a leka jwang le jwang ha a kgone ho laola boikutlo bo seng monate bo dikolohag ka mpeng ya hae. “Ke batla ho shwa,” o sebela moya. Ha metsi a potoloha mmele wa hae a hoeletsa moratuwa wa hae.
“Mohau! Ke a leka! Empa o hole haholo ebile ha o tsebe hore o haufi le ho lahlehelwa ke nna! Dula o itshwareletse morerong wa rona feela, o tjhilo jwalo ho nna, empa jwale morero o fetohile mme ha ke kgone ho kopana le wena. Founu ya hao e lla feela.”
Ha a hlwa lebopo la noka mme a itlhakola ka thaole, a ikutlwa a kokobela. “Ha se moo. O tshwanetse hore e be o mathateng. Ke tlameha ho ya ho yena!”
Kelebohile a tsamaya kapele mme kamora hora feela a be a fihlile ho Mokgadimetso. Mmoho ba loha leqheka. Bosiung boo, setloholo sa hae se tla tswa ka tlung le sutukheisi. Tekesi e tla be e eme e mo isang ho Mohau Johannesburg. Mokgadimetso o tla mo fa tjhelete eo e sa leng a e bolokela lenyalo la hae – e seng lenyalo lena. O tla letsetsa Mohau mme a mo jwetse hore a kopane le Kelebohile lebenkeleng la mmino Bree Street. Ekare ke morero o motle.
“Na o tseba letsatsi la lenyalo la hao?” ho botsa Mokgadimetso a tshohile.
“Tjhe, ke nahana hore e tla ba nakong ya dibeke tse mmalwa tse tlang,” Kelebohile a araba a se na bonnete. “Empa haeba ke pele ho moo teng? Haeba ba lokisitse letsatsi yaba ha ba mpolelle teng? Ha ho makatse ha batho ba bangata hakana ba qadile ho fihla lapeng! Oho Nkgono! Ke etse jwang?” A wela fatshe, a itshwere sefahleho ka matsoho.
“Kelebohile hle, ke a o kopa, eba sebete ngwanaka. Mme wa hao ha a mpolella hore letsatsi la lenyalo le neng. Hang ha a o jwetsa, tloho ho nna mme ke tla hlophisa tekesi. Jwale o tla tsamaya. Ho lokile? Ke maswabi ngwanaka hore ebe o phela ka tsela ena!”
*****
Modumo wa meropa wa theoha jwalo ka pula ya mahlomola hodima monyaduwa ha a dutse pela monna wa hae e motjha hara baeti ba binang le ho didietsa. Mose wa hae wa setso o patile metopa ya phafa ya ntatae ha a ne a mo shapela ho hana ho nyala monna eo a mo kgethetseng yena. O ne a kwalletswe ka tlung beke kaofela, mme Kelebohile a se na boikgethelo ha e se feela hore a dumele. Nako ena yohle o ne a tshwenyehile ka hore o tla fumana neng molaetsa wa Mokgadimetso ya neng a hlokomedisitswe hore a se ke a ba a bonwa lenyalong leo. Ho ne ho se tsela eo ka yona Kelebohile a ka mo jwetsang hore a romele tekesi. Ha a dutse jwalo a ikutlwa a shwele ditho, monyaduwa ya hlomohileng a bona diketsahalo tsena tsohle jwalo ka mmohi feela. Ha a isa mahlo ho monna ya lehlakoreng ho yena, a lemoha mpa ya hae e pesohileng, moriri wa hae o moputswa, maoto a le makgutshwane. Ha a mo shebe le ho mo sheba mme ha a leka ho mo sheba, Kelebohile o ikutlwa eka letlalo la hae le a tsamaya. Sena ke toro e mpe haholo ho Kelebohile. “Hoja ke ipolaile, ka itihela ka metsing nokeng,” o a nahana “kapa ka palama tekesi hang ha ke tseba! Mohlomong ke sa ntse nka kgona.” Monahano o hanang ho tloha wa dula o kgomaretse menahano ya hae. “Ke nahana hore ho tetebela maikutlo hona hohle ho emisitse matsatsi a ka a bosadi. Mohlomong ke kgatello ya mmele ka lebaka la ho lahlehelwa ke Mohau – hape le setshwantsho se tshabehang sena sa moditjhaba se itsholomeditseng setshabelong sa rona sa sephiri seo e leng sa ka le Mohau wa ka feela! Haeba a ka fumana hore ke robetse le monna e mong teng? Mohlomong o tla ntahlehela! Oho Modimo, ebe ke tla sesa bosiu boo jwang? Ha ke batle ho nahana ka moo ke tla ikutlwa ha a nthetsa feela! Oho ntshireletseng! Ha ke na mothusi!”
*****
Ke enwa o eme a tahilwe pela bethe, monna wa hae a sheba Kelebohile ya robetseng ka lehlakore, thoko le yena hoo ho setseng feela sebaka sa hore a wele fatshe.
“Eh, Moratuwa! o ke ke wa pholoha! Ke o nyetse ka dikgomo mme jwale o nkolota ditokelo, hona jwale, ha ke batla feela! Haesale ke o shebile nako e telele. Re tla ba balekane ba batle haholo. Jwale, itshware hantle he.”
“Ha ke o batle; nke ke ka hlola ke o rata, ke rata monna e mong. Keng o sa kgaohane le nna.” O rialo a mo furaletse.
Ka sebakanyana feela ho fedile. A theola borikgwe ba hae mme a sala a apere kahare, jwale monna a hlasinya Kelebohile ka lehetla mme a mo phetholela ho yena. A mo tshwela sefahlehong. Ntle le ho bua letho, a rutla mose wa hae wa ho robala wa silika, a mo bula maoto ka nkane, a phahamiseditse matsoho a hae hodima hloohong ka ditswe mme a itokisetsa ho mo robala ka nkane. Kelebohile a ithiba hore a se hoeletse. Ditshwantsho tsa mmele wa Mohau hodima hae le sefahleho sa hae se mo atorang tsa feta kapele monahanong wa hae ha a itokisetsa sehlabelo sena. A nkgelwa ke boranti ha mohlasedi enwa wa hae a hema le mahafi a nkgang seqhaka. Ha a kgone ho kena ha bonolo ho Kelebohile. O tahilwe, mme ha a ha kgone le ho tsohelwa. Ha ntse a hemesela jwalo, o rohaka botona ba hae bo hanang ho phahama. Yare ka tshohanyetso feela a re sihla, yaba o a bohla. Ke ha a se a iketse le sephume sa boroko jwalo feela.
“Ebe o shwele?” ho tshepa Kelebohile. A ema motsotsonyana. “Tjhe, kolobe ena e ntse e hema.” Ka matla ohle ao a sa ntse a na le oona, a tswa tlasa mmelehadi oo wa hae mme a wela fatshe. A mamela, a ipipeditse. Ee, o feela a kgalehile. Ka motsamao o le mong feela, a bula khabote, a apara, a nka sutukheisi ya hae e se ntse e pakilwe, a re tsepatsepa ho theosa ka phatjhisi, a feta phapusi ya batswadi ba hae, a kena ka kitjhining, yaba o tswa ka lemati le kamorao mme jwale a fokaela hara bosiu.
“Mokgadimetso!” A fihla a kokota lemating ka matla.
“Ee! Ke nna enwa!” Mokgadimetso ya ntseng a apere mose wa hae wa ho robala a bula lemati mme Kelebohile a kena a se ntse a se kgitla.
“O o entseng? O hantle Setloholo?” A tshwara dula a mamaretse setloholo sa hae ka matsoho ha Kelebohile a ntse a lla jwalo, a ntsha mantswe a hae, a leka ho hlalosa se qetang ho etsahala.
Ke bao he, ba momahane jwalo, mosadi ya bohlale le monyaduwa ya motjha. Bobedi ba basadi bana ba tseba hore ho na le tsela e le nngwe feela ho tswa bothateng bona. Kamora dihora tse pedi feela mme ka mora hore Kelebohile a hlape, a je – leha a ne a sa batle – a kenngwa tekesing e lebang Johannesburg. Ha ho sa na nako ya ho sadisana. A hlasinya mokotla wa hae o tshetseng dinomoro tsa selefounu ya Mohau le lebitso la moo a sebetsang teng, Kelebohile o hlanya hanyane ke kgalefo le letswalo. Mofuthu wa mothamo o matla wa Whiskhi o mo tjhesa ka mpeng mme o tswa ka hlooho. A thabela a utlwa ho otsela.
O dutse jwalo a sekame mme a shebile lefifi, Kelebohile a sokola ho utlwisisa se sa tswa etsahala. Se bile kapele haholo! “Ke thabetse hore ke kgonne ho hlatswa sebodu sa monna elwa,” a ipolella, “empa haeba ke sa fumane Mohau teng? Haeba a se a sa mpatle teng?” Ha se tseo feela. Hukung ya kelello ya hae, mosadi e monyane enwa o tseba – a sa qeyaqeye – hore ha a phonyoha teko ya peto feela, ha a baleha feela habo le lelapeng la habo, a siya bana babo, bana ba keretjhe le metswalle ya hae, empa o jere ngwana wa Mohau. “Modimo, nthuse!” a rapela hara bosiu bo kgutsitseng.
***
Re bolelle seo o se nahanang: Na Kelebohile o entse ntho e ntle ka ho baleha? Na o tla fumana Mohau Johannesburg? Na a ka tshepa Mokgadimetso ho boloka sephiri sa bona?