“Ke hobaneng ke sa utlwe letho ho tswa ho Mohau?” ho ipotsa Kelebohile, hape hape, kamora hore a phehe dijo tsa mantsiboya le ho ngwathela nnake wa hae e monyane le dikgaitsedi tsa hae tse pedi, o ile a ya Roma ha nkgono wa hae, Mokgadimetso, ya dulang dikhilomitara tse supileng kantle ho torotswana e nyane eo.
“Ebe o letsitse Nkgono?” a botsa, le pele a mo dumedisa. Mme lekgetlo le leng le le leng ha a botsa Mokgadimetso a mo hake ka matsoho a hae, a re, “E seng kajeno ngwanaka, mohlomong hosasa?”
Empa bosiung boo, ho ne ho fapane. Pele lentswe le tswa molomong wa Kelebohile, Makgadimetso a bososela haholo ha a mmulela lemati le ka pele. “O letsitse, Setloholo!”
“Jwale?” setloholo sa hemela hodimo, ka potlako ka lebaka la ho tla a mathile, letsoho la hae le dutse pelong ho e thibela ho otlaka ha bohloko.
“O sebetsa lebenkeleng la mmino Bree Street. Tshwara, ke o ngoletse nomoro ya hae mona. O re o o hlolohetswe mme o o rata haholo. O dula le rakgadi wa hae lekeisheneng le bitswang Pimville.”
Kelebohile a nka pampitshana eo, a shebile dinomoro tseo jwalo ka ha eka ke Mohau ka boyena.
“Ke tla mo letsetsa hona jwale!”
“Iketle, o hloka ho kga moya hanyane! Etlo ka kitjhining.”
Empa hang ha a le ka kitjhining Kelebohile a se ke a emela teye kapa ho kgoba matshafo. Ha ka a lemoha Mokgadimetso ha a tswela kantle nakong eo a ntseng a tobetsa dinomoro – 0763871224 – matsoho a hae a thothomela.
“Mohau?” a botsa ha ho lla ha founu ho emisa.
“Kelebohile? Ke wena? Ka nnete?”
A tsitsisa letsoho la hae mme a ithiba meokgo, yaba o a araba, “Ee, ee, ke nna. O hantle Mohau? Lentswe la hao le utlwahala eka o hole!”
Ke seo hape jwale, setsheho sa hae se tswang kamorao ho kodu.
“Hela! Ke o hlolohetswe jwang feela! Ke batla ho qoqa le wena hona hoo. O hantle?”
“Hantle haholo,” a mo thetsa, “ke hore …ke utlwe lentswe la hao feela!”
“Ke maswabi Kele; ho nkukile nakwana. Rakgadi wa ka o ile a tshwarwa ke kgatello e hodimo ya madi jwale ke ntse ke mo isa sepetlele Baragwanath mme hape ke sa ntse ke tlwaela sebaka mona. Phew! Ho maphathaphathe. Ke potlakile hampe ho ipona ke na le wena mona! Bonyane ke fumane mosebetsi Hilight Music mane Bree Street – empa hei, ntho e nngwe le e nngwe e fapane mona. O re o hantle? Ha o utlwahale eka o hantle.”
“Ao Mohau, mme wa ka o bua ka lenyalo mme ntate wa ka yena o dula a bososela a le mong jwale….Mohau? Nkgono! Tloho kapele! Mohala o kgaohile!”
A potlaka a tla, yaba Mokgadimetso o nka founu o daela nomoro eo hape. A letsa hape. “O sa ntse a bua mohaleng. Le a tseba dintho tsena tsa lona tse ntjha di a makatsa… ha o kgone ho ka di tshepa. Molato keng Kelebohile? Re tla mo letsetsa hape. Empa o llelang jwale Setloholo?”
“Ba batla ho nqobella ho nyalwa!”
“Mang? Batswadi ba hao? Le kgale! Hobaneng o rialo?” Mokgadimetso a itahlela setulong yaba o kakatlela hlooho ya hae ka diatla.
Ditaba tsa hae tsa hasana jwalo ka metsi a pompo e qhommeng. “Ha ba mpolella le ho mpolella! Ke utlwile ka lebenkeleng maobane ha ke ilo reka kerosari. Ee, bo-mmadiberwane ba babedi bale ba ha Shongoane ba ne ba buela holdimo. Mang le mang o ne a ka ikutlwela. Ka monna e mong wa morui eo mosadi wa hae a hlokahetseng selemo se fetileng mme jwale ba re “O batla ho iphumanela kgarejana e nyane dilemong”. Yaba ha ba mpona ba thola ba sheba thoko. Ha ke kgone ho mamella sena! Ke kopa o mo letsetse hape.”
“Ee, ehlile, ke tla dula ke leka.” A hemela hodimo, nkgono wa hae a tlohela founu tafoleng mme a rabaraba ka phapusing. “Kelebohile, eja nthonyana pele o tsamaya ngwanaka. Ke tla bua le mme wa hao mme re tla lokisa taba eba. Ho lokile, o se ke wa isa pelo mafisa, seke wa tshoha, ke tla boloka sephiri sa hao. Ha ho motho ya tla tseba letho ka Mohau. Jwale, ikele ngwanaka.”
Ka mora matsatsi a mararo ha Kelebohile a ntse a ikama, a utlwa diqi kantle ho phapusi ya hae.
“Ko! Ko! Nka kena?” ho botsa mme wa hae ka lentswe le phahameng.
“Ee, kena Mme,” a araba, ebile a thinya ho sheba monyako.
“Hela, moradinyana waka, ekabe o itokisetsa dimakatso tse kgolo tseo ke o tshwaretseng tsona?”
A kobeha ho itjheba ka seiponeng, mme wa hae a hula qola ya moriri ka tlasa bandana ya hae. Yaba, o itlhakola matsoho ka feresekoto ya hae a bonahala a kgotsofetse sefahlehong, mme a dula betheng.
“Ke dimakatso dife tsona tseo?” Kelebohile a kwenya mathe, a leka ho phutholla sefahleho sa hae.
“Ha! Se ke wa etsa eka ha o tsebe Ngwanaka! Hore ke hobaneng motse kaofela o bua ka yona.” A itshetleha hodima matsoho a hae mme a tshehela hodimo, sefuba sa hae se ubauba. “Wena! Ekare nka be ke le wena! Ntjhebe. Ke nyetswe ke monna ya se nang tjhelete ebile a se na monyetla wa ho ba le yona, ka hona ke sokotse bophelo bohle ba ka…empa jwale tseo re tla di siya morao.”
Kelebohile a tjamela mme wa hae, a behile matsoho marameng a leka ho thiba motjheso o sefahlehong sa hae.
“Empa keng o swaba? O a tseba hore ke wena letsibolo mme jwale ke nako ya hore o nyalwe.” A ema, a itshwara ka letheka. “Ehe, lenyalo la mabaibai! Ebile ho setse dibeke tse tharo feela! Lenyalo la eng! Re tla hlaba dikgomo tse nne mme batho bohle ba motseng ba tla tla mme ba tantshe le ho ja! Ha nka ka ba le lenyalo le jwalo. Tlohela ho itshela ka dikeledi tjena ngwanana! O tshwanetse ho re thabela kaofela. O lehlohonolo ho fumana monna wa morui! Mme o se ke wa nahana hore mme wa ka a ka re fetola maikutlo! O ntlameletse ho nyalwa mme ho bile boima ke o jwetse! Jwale itokise ho seng jwalo ke tla jwetsa ntatao a tlo o tshela phafa jwalo ka ha a ntjhapile le nna ka makgetlokgetlo!” Mahlo a hae e ne eka metsu ya tsenene ha mme wa hae a tswa ka monyako.
Kelebohile a itjamela ka seiponeng; a lemoha lekgutla mahetleng a hae, a utlwa pelo ya hae e ubauba. A utlwa eka ntlo e a tjha. Jwale malakabe a mo potile! “Modimo! Nthuse! Ke tlameha ho bona Mokgadimetso.” A thinyetsa phatjhising, mme a teana le ntatae ya mo thibang ka pele.
“Na see ha se taba tse monate ngwaka?” a mo hemela sefahlehong. “Re tla hlomphuwa setjhabeng; o tla ba le bana ba bangata.” Lentswe la hae la fetoha. “Ake o tlose sefahleho seo hle Kelebohile! Ekare ha se wena!” Kelebohile a boha leleme la hae le potolohang molomo wa hae nako yohle ha a qetella polelo. “O tla mo tlwaela ngwanaka, se ke wa tshwenyeha!” A mo phaphatha habedi marameng mme a bososela. “Amohela. Ha ho letho leo o ka le etsang.”
“Na ha leyo?” Kelebohile a nahana. “Ke tlameha ho ya bona Mokgadimetso! Re tla letsetsa Mohau. Hobaneng see se etsahala ho nna? Nke ke ka nyalwa ke yena nna; nka mpa ka shwa ho seng jwalo!”
***
Re bolelle seo o se nahanang: Na Kelebohile o tla ipolaya? Na Mohau o tla mo thusa? Na o tla nyalwa?