Kelebohile o ne a thabile kaha jwale leeto le phethilwe. O kene a etswa ditorong tse makatsang haesale a siya Johannesburg morao. Jwale ha a ntse a paqame betheng ka phapusing e lefifi a utlwa menko eo a e tlwaetseng e mo kgutliseditseng lapeng habo le ha a sa ntse a hola Roma, Lesotho. Monko o tsebahalang o monate wa marulelo a jwang le monko o hohelang wa teye ya kgemere ya mme wa hae, ya feta dinkong tsa hae. Ha a mametse ka hloko, a utlwa medumo ya bana ba binang le ho bapala “morabaraba, kopi, morabaraba tia, morabaraba one…” o ileng wa kgaolwa ka tshohanyetso ke lentswe la motho e moholo le ba jwetsang hore ba ilo bapalla thoko. “Tsamayang le ilo bapalla seterateng kwana!” Ke lapeng! Empa ke lentswe la mang leo ke le utlwang? Na ke Mohau?
Ka ho hema butle Kelebohile a bula mahlo a hae mme a panya. Kganya e lerotho e ka phapusing ya etsa hore ho be thata hore a hlalohanye batho ba potileng bethe ya hae. “Ke a tseba ke a shwa, empa ha ke mong.” Ha a kwala mahlo a hae, a fihlelwa ke mohopolo o kang o haswa ke metsi o mo kgutlisetsang morao ha a le dilemo tse mashome a mabedi le motso o le mong, mme a mo emetse ka letsatsi leo la tlokotsi.
“Mohau? O hokae?”
Lentswe la hae la duma ha mahlo a hae a potoloha motjha wa maralla a potapotileng phula ena e nyane; sekoti sela sa bona se Senqu. “Ke a kgolwa o tla tla” a ikgothatsa, a dutse lebopong la noka ya Senqunyane. “ebile, re ne re itokiseditse sena!”
A rola meqethatso ya hae, a namela pele mme a phodisa maoto a hae ka metsing a emeng ha letsatsi le feta kamora leru le bilohang ho ba sireletsa mahlong a batho ba ba bohileng. Letsoho le fihlang le mo kwala mahlo la mo tshehisa. Kapele, a thintsha hlooho.
“Mohau! Ke tsebile hore o tla tla!”
“Ke hobaneng o ne o sa ntshepe?”
A beha mokotlana wa hae o jarwang fatshe, yaba o dula pela hae. A aparelwa ke monko o monate wa hae o mo hohelang ka matla mme o mo hopotsang ka dikopano tsa bona tsa sephiring. “Haholoholo kajeno hara matsatsi ohle!” a bososela. “Ra hohobela pele jwalo ka lefokolodi!”
A qhwaolla bolaose ba hae a ntse a keketeha, diboreiselete tsa hae di ntse di shwehletsa, mme a lemohile hore matsoho a hae a thothotmela. A mo hula ha bobebe feela, a hulela mmele wa hae o inehetseng ho ella moo jwang bo teteaneng.
“O tiile, Kele?”
“Ke tiile.”
Matsoho a hae a mofuthu a pholla sefahleho sa hae ha a ntse a itshetlehile kahara diatla tsa hae mme a bososela ka mahlo a kgathetseng. Ka moo a neng a rata sekotjana se seledung sa Mohau ka teng le ka moo molomo wa hae o kobehang ka teng dihukung.
“Ke a tseba hore o a tsamaya; re buile ka sena makgetlo a mangata haholo…” Lentswe la hae le a reketla. A hemela hodimo, a mo pholla molomo ka monwana, lenala la hae le le lefubedu tlere ha le bapile le sefahleho sa hae.
A beha monwana wa hae molomong wa Kelebohile. “Shh! Ho boima ho rona bobedi. Ha re phethe se lokelang ho etswa feela. Ke tla o romela founu; o tla ba le nomoro ya ka le aterese ya rakgadi wa ka Jozi. Ke tshepisitswe mosebetsi lebenkeleng la mmino.”
“Empa ha ho ka ba le bothata teng?” A mo kena hanong, a ema. “Ke o jwetsitse hore batswadi ba ka ba ntse ba rera hore ke nyalwe mme ke tshohile!” A bona ho swaba sefahlehong sa hae. “Ke utlwahala eka ke pompo e rothisang metsi,” a nahana.
A kobehela pele, Mohau a phuthela sefahleho sa hae ka diatleng tsa hae jwalo ka ha eka o tla pshatleha dikotwana tse ngata feela. “Ke kopa o ntshepe, Kelebohile wa ka”, a mo hwesheletsa molomo wa hae o thetsitse wa Kelebohile mme letsoho la hae le batlana le sefuba sa Kelebohile.
Lehlasedi la kganya e mmala wa lamunu ho tswa letsatsing le yang bodikela la otla mmele ya bona, ka nako eo a bula molomo wa hae ho amohela leleme la Mohau le ntseng le mo batla, a lebala ka batswadi ba hae, a lebaka hore ho a phirima le ka moo a tla lokela ho ya lapeng a nahanne lebaka le utlwahalang ho feta lekgetlo le fetileng. Ha se hore o ne a mo patetse morero wa hae wa ho ya Jozi a ilo batla mosebetsi. Ha se hore o ne a sa tsebe! Di tlohele! Ha ho letho le tsotellwang jwale ha e se mmele ya bona e mmedi le matlahadi a ba momahantseng fatshe hodima jwang bo bonolo.
“Lerato la ka la nnete, moratuwa waka ya mong feela,” a mo sebela, a mametse lefito leo a le utlwang ka mpeng ya hae.
“O a tseba hore ke a o rata, O a tseba ke a o rata, moratuwa wa ka ya mong feela.” Molodi wa lentswe la hae le bonolo, le tebileng wa tlala kahare ho yena ha matsoho a hae a kwahela diqola tsohle tsa letlalo la hae le boreledi. “Ee ho jwalo!” a buela tlase.
“Ee, ke itse ee, ke tiile ke re ee! Nke ke ka ema ka ho sa feleng!” Kelebohile a ipinela, a utlwa mofuthu wa sefuba sa hae se hlobotseng le ho kgomarelana hanyane ha mmele ya bona e hlobotseng ha a phahama mme a mo okamela qetellong, ho bile jwalo.
“Mohau, O bophelo baka.”
A potapota butle a le hlokolotsi, Mohau o ne a tseba hore sena ke sekwahelo se ke keng sa rojwa le ka mohla. A kgaoha moya hanyane, yaba Kelebohile o bula maoto ho mo amohela. Jwale ha ba shebane kahara mahlo baratani bana ba hema mmoho, ba lemohile hore ba lokela ho thibela phoso ho se etsahale. Ba ne ba fetohile ntho e le nngwe, mme kamehla ba tla dula ba le jwalo!
Ha mahlasedi a ho qetela a letsatsi a ilo dikella, baratani ba apesana butlebutle mme yaba ba dula mothating wa noka, maoto a bona a ntse a kgaphatsa metsi a futhumetseng. A ntse a iketlile jwalo, Mohau a kga lehlabathe ka menwana ya hae a shebile majwana a masesane ha a dikela le metsei menwaneng ya hae ya maoto.
“Kele, bula letsoho la hao. Nka lejwe lena. Ke nahana hore ke lehakwe. Sheba, le lefubedu. Ke o fa lona. Ho fapana le reng?”
Kelebohile a utlwa mahlo a hae a tjhesa kahare. A fupara lehakwe leo, mme a utlwa bohale ba mahlakore a lona. A kenya letsoho la hae lehlabatheng, a batla lejwe mme a le dihela kahara letsoho la Mohau. Le ne le le lesootho bo lefifi mme le na le matheba a mmala wa gauta. “Le ka mohla o se ke be wa le lahla!” a mo hlokomedisa. Hobaneng phirimana e se e bata hakaale?
Mohau a sheba thoko. A tjamela baki ya hae e putswa bo lefifi, a shebile hlooho ya hae e kobehileng. Yaba o etsa modumo o kang wa monna ya kganngweng mme a wela kahara diatla tsa Kelebohile, a thothomela. “Ona ke motsotso wa bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba rona empa ekare re a shwa!” Lentswe la hae la lla jwalo ka ditshepe tsa tshebeletso ya lefu kerekeng.
“Ee ke lefu,” a nahana ha meokgo ya hae e rothela hara moriri wa Mohau ka mohanong mme di fetela kholorong ya hae. Ba dula ba kgutsitse jwalo, ba feletswe ke matla.
Ba dula jwalo ba hakane ba tiisane, mme jwale yaba ba hulanya maoto mothating wa noka ho ya moo ba tla arohana teng. Yare ka tshohanyetso ba sa le moo, letsatsi le fifalang la dikella ruri. Jwale o tla lokela ho ya Leboya mme Mohau yena, Borwa. Kelebohile a otlolla matsoho a hae yaba Mohau o tiisa menwana ya hae e bonolo hodima ya Kelebohile, mmele wa hae o sataletse, a tonne mahlo ke ho makala. Ka pele ho yena e ne e le rotopo eo a sa e tsebeng. Kelebohile ha a ka a leka le ho nahana hore na ho ka nna ha etsahalang ka yena dikebekweng tsa Jozi. Jwalo ka motho ya balehang kulo, a akga hlooho ya hae a leka ho fetisa monahano ona.
“O a tsamaya, o a tsamaya…” pelo ya hae ya ruthutha.
Mmele wa Mohau wa wela hodima wa hae ha ba ntse ba eme jwalo. Moya o phodileng o sollang wa foka hanyane matsohong a baratani bana ha letsoho la Mohau le phuthela hlooho ya Kelebohile, diphaka tsa hae di mo tsheheditse mokokotlo, jwalo ka ha a tlwaetse ho etsa. Kelebohile o ne a rata ha a mo sikile ka tsela ena.
“Le ka mohla hape?” a ipotsa, a kobeha ha a utlwa ntho e dikolohang kahare ho yena.
Kganyeng e seng e fela jwale, Mohau, o lomme molomo o ka tlase hoo madi a rothang ho theosa ka seledu sa hae, a emella morao, a ikarola le Kelebohile. Ka motsotswana feela, Kelebohile a sala a eme a le mong. Yaba, o thinyetsa lefifing, mme a matha.
***
Re bolelle seo o se nahanang: Na Mohau o bua nnete? Na ba sa tla kopana hape? Na Kelebohile o tla mo emela?