“Tlosa serao sa hao tseleng ya ka mohloka-leha ke wena!” ho hoeletsa setho sa lequlwana se aperetseng baki e ntsho.

Sekolo se tswile, empa ho sa ntse ho bata hoo maru a ‘mosi’ a tswang ka lehanong la hae ha a thatiseletsa lentswe le leng le le leng la hae le ditshila.

Ke phumula fenstere ya tekesi e tletseng mohodi hore ke bone. Moqhobi o emisitse tekesi e dumang Sixth Street, ha a ntse a emetse batho ba bang hore ba pakellane jwalo ka ditlhapi tsa saradines pele a ka tsamaya.

Ke tseba senokwane seo. O sebeletsa The Confiscator. O na le masale a gauta ditsebeng bobedi, mme o kotsi. E seng feela hobane a sa loka, empa hobane ha se feela hore o rekisa dithethefatsi, hape o a di sebedisa. Hape o tshwara sethunya. O ke ke wa rata ho ba haufi le yena letsatsing leo a sa thabang ka lona, hobane ho ka etsahala hore ebe la hao la ho qetela.

Mothaka eo a mo hoeletsang e ka nna ya ba thaka yaka. Ha a hoeletse ho mo arabela. O a phahama, mahlo a hae a lerotho, ha a phahama khatebotong eo a neng a robetse ho yona tlasa borokgo. Ha a shebe senokwane sena. O leka ho kenya khateboto ya hae teroling hore a kgone ho itlheka sebakeng seo. Ke lemoha hore molomo wa he o omeletse le ho kgakgapheha ke serame. O otile mme diaparo tsa hae di mabadi a toropo, empa ke mothaka ya ditshobotsi di ntle. E molelele. O shebeha a kgathetse haholo empa ho na le se seng ka yena ha a tsamaya, o tsamaya ka hloko le ka boinahano, le ha a hlasetswe jwalo. Ha a halefe, kapa ho re letho. Haeba e ne e le nna mohlomong ke ne ke tla lwana mme ke qetelle ke le setopo ka thoko ho tsela, empa mothaka enwa o tsamaya ka boitlhompho.

“Tsamaya letlakala tooe! O thibile tselana ya ka. Ha ke o hloke mona. Ha ke batle ho bona sefahlehonyana sa hao se ditshila sebakeng sena. O a nkutlwa?”

Ke lemoha hore mothaka enwa o na le buka ya kgale e hlahileng pokothong e ka morao ya borikgwe ba hae. Ke ikutlwa ke na le kotola mmetsong wa ka mme hona hoo mahlo a ka a qalella ho tlala dikgapa.

O boloka sefahleho sa hae se hloka pelaelo mme o sututsa teroli ya hae a itsamaela.

Senokwane se thonaka kotikoti e seterateng mme se a mo tjhekeletsa. E otla mothaka enwa tsebeng, mme ke bona a honyela ke bohloko, ebe o kwahela tsebe ya hae ka letsoho.

“Eish!” Mohweshetso wa kgelefo, wa qenehelo o qalella ho tlala ka tekesing, empa bohle re tshohile haholo hore re ka etsa letho.

Mothaka enwa ha a hetle; o tswella jwalo ho qhoba teroli ya hae.

Lekgetlo la bobedi jwale nakong ya dihora tse mashome a mabedi le bone ke lemoha hore motho enwa e ka nna ya ba nna. Nna, ke hloka lehae mme ke phela seterateng mafelong a kgwedi ena. Bosiu bo fetileng bo fela bo butse mahlo a ka.

Ke kapele haholo ha ke iphumana ke lokela ho tswa tekesing mme lemati le kwalwa ka moraka.

“Houghton ke sebaka se hlalefileng haholo bakeng sa ngwana ya jwalo ka wena!” ho hoeletsa moqhobi ka lentswe le phahametseng modumo o matla wa mmino wa tekesi, ha e tloha.

Ke intsha dihlong ka ho ka ho kgona ho mmontsha monwana o hare ke sa phahamise letsoho ke itholetse. Hore ha hao tooe.

Ke hlahloba hore na ke tshwere nomoro e nepahetseng ya seterata. Ee, ke hona mona. Ena ke ntlo ya monga moaho wa rona. Kapa bonyane, ke heke ya hae. Ho na le lebota le phahameng ho potoloha moaho mme mohlwa o motle o namme hohle kahare. Difate tse tletseng dinonyana tse tlatsitseng lerata di ntshirile hore nka bona ntlo ya teng.

Ke sheba tjhelete ya ka ya tekesi e kgutlang lekgetlo le leng hape. Ke na le tjhelete e lekaneng hantle feela hore ke kgutle mme ke yona feela tjhelete eo ke nang le yona lefatsheng lena.

Motsotswaneng o le mong wa pherekano ke lokisa jase ya ka lekgetlo la lekgolo, mme ka batla ke baleha, empa ka tobetsa konopo ya inthakomo ha bobebe yaba ke sheba kahara khamera ya tshireletso ke ipotlile.

Lentswe le hlakileng ka ho tjhora le tswang inthakomong la etsa hore ke tlole hanyane.

“O batlang?”

“Ke tlile ho bona Monghadi Besturd ka kopo.”

“Hobaneng?”

“Er, lebitso la ka ke Pheliswa Zongozi, mme ke modudi wa City Views e Sixth Street. Ke tlo bua le yena mabapi le ho ntjhafatsa lisi ya lehae la rona.”

Ho ba le kgefu e telele, e kgutsitseng pele inthakomo e kgaoha.

Heke ha e bulehe. Ke sala ke eme moo, ke lebeletse.

Ngwanana e monyane hanyane ho nna o hlaha a jahile sethuthuthu sa mabidi a mane ho parola lebala la mohlwa. O a mpona, mme o thintsha sethuthuthu sa hae ho tla ho nna.

Empa monna ya apereng hantle o a hlaha, mme o bua se seng le ho mmontsha hore a kgutle. O tima enjine.

“O reng Ntate?”

“Ke itse ke tla sebetsana le taba ena.”

O sala a eme moo a leng teng, a ntjhebile ka tsotello.

“Tsamaya. Tsamo palama sethuthuthu. Ke tla sebetsana le taba ena ka bo-nna.”

Ngwanana enwa o ntjheba hape, mme o qala enjine le ho qhoba sethuthuthu sa hae mme a ikela.

O sheba nako watjheng ya hae ya gauta, mme ke lemoha hore o tshwere sesebediswa sa remoutu ya ho hlaba mokgosi ka letsohong la hae. Ebe o a ntshaba?

“Monghadi Besturd?”

“O nahana hore o mang, o iphihlela lapeng la ka ntle le tlhophiso ya letho?” o a kgaruma.

Ke bona bofubedu, empa ke kga moya o tebileng mme ke kgona ho itaola maikutlong, leha a bontsha tello e kana. Sena se bohlokwa.

“Ke … ke … um. Lelapa la heso le na le dilemo tse tharo le dula moahong wa hao jwale. Re lefile rente ya rona kgwedi e nngwe le e nngwe. Bona, ke tlile le buka ya diakhaonto ya nkgono wa ka ho tla o bontsha. Ke a kopa monghadi, re bahiri ba lokileng. Ke tlille ho o kopa hore o se re ntshe moahong. O ka re tshepa.”

Sefahleho sa Monghadi Besturd se fetohela mmaleng o pherese.

“Ke le tshepe?!” o a kgaruma. “Ke batho ba jwalo ka lona ba sentseng moaho wa ka le bohare bohle ba toropo. Na o a tseba hore ke lahlehetswe ke tjhelete e kae ka lebaka la lona?”

Ke hlajwa ke dihlong ha ke hopola horr nkgono wa ka o sebetsa ka thata hakae hore a mo lefe rente kgwedi e nngwe le e nngwe.

“O etsa phoso. Re–”

“Phoso e le nngwe eo ke e entseng ke hore ke le dumelletse ho tla dula moo! Tsamaya o ye hae le tlame thotho ya lona. Haeba le sa tswe mafelong a kgwedi balebedi ba ka ba tla le ntsha!”

Ke sheba monna enwa ya tshabehang, ya kopakopaneng.

“Tsamaya!”

“O ke ke wa hlola taba ena Monghadi Besturd.” Lentswe la ka le tjhorile mme le tiile jwalo ka leqhwa empa kahare ke hloname mme ke a thothomela.

O ntjheba ka pososelo, ka meno a hae a masootho ke kofi mme o kentse le leino la gauta.

Ke a mo furalla mme ke a tsamaya. Ha ke kgone ho utlwiwisa hore na ke hobaneng a mpontsha bokgopo bo bokana, empa a na le moradi e monyane jwalo ka nna. Na ha a utlwisise hore le nna ke motho?

Mantswe a nkgono wa ka a qala ho duma ka kelellong ya ka: “Pheliswa, o sa tswa tshwara dilemo tse leshome le metso e robedi mme o nahana hore o tseba dintho tsohle, empa ha o tsebe molao.”

Sethuthuthu se fihla se ema kgekgenene ka lehlakoreng le kahare la heke. Ke a thinya. Ngwanana wa teng o bososela le nna.

Ke a mo tjamela, ka mahlo a tletseng mohau. O ntjheba ka dihlong jwalo ka ha e ka ho na le seo a tla se bua.

“Gemma! Kgutla o tle mona hona jwale!” Monghadi Besturd o a hoeletsa.

Mahlo a rona a thulana sebakanyana. O bula molomo wa hae ho bua empa ntate wa hae o hoeletsa hape. O phahamisa menwana ya hae ka letshwao le supang kgotso, mme o a ikela.

Fono ya ka e qala ho lla. Ke Aphiwe.

Ke jwets ausi waka se etsaht

mme o le lokisd. bodul ba mahal

o bona lokis kopan le ramola e mong

ya hlwahlw hosas thapama.

Oa tseba keng ke sa hloke

thuso ya ausi wa hao.

Ee kea tseba o na re tshware

re ntse re tsuba empa sena se bohlok.

Le wena tswa tabe eo.

Nkgon a ntlhoya

kgwedi eo yohle ka sena.

Tjhee. O na leka

ho etsa se nepahet.

Ako phod hlooh eo ya hao hle.

Ke tsamaya sebaka sa dimitara tse makgolo a mmalwa ha ke ntse ke nahana ka seo. Ha ke tshwarele ha bonolo. Empa ke qala ho nahana ka tsebiso ya ho ntshwa moahong e tlileng maobane, le mothaka elwa wa mohloka-lehae wa hoseng hona, mme ke lemoha hore Aphiwe o nepile. Ke lokela ho theola moya. Mohlomong.

Ho lok. Na o ka kop le nna ha mora o mpole o reng.

Ha ke re ke a duml, empa ke tla mamela.

Jwale o itshwere hantle ausi. Ke tla o bona he.

Cebisa o tla o thusa.

Ke nahana ka tsena tsohle ha ke tsamaela renkeng ya ditekesi mme ke ema moleng.

Mosadi e mong o feta pelaka a apere sekipa se reng: ‘Ipuseletse matla a hao!’

Kgele. O nepile.

Ke bososela haholo. Hlokomela Monghadi Besturd. O sa tswa iketsetsa sera.

***

O nahanang? Na Pheliswa o bile sebete kapa sethotho ka ho ya kopana le monga moaho wa bona?