Amina a tsamaya ho ya batla ausi wa hae ya mahareng, Fozia.

“Ke eng eo?” ha botsa Fozia.

“Whatzit,” ha araba Amina. “Whatzit o hloka nko.”

“Ho lokile,” ha rialo Fozia, “empa re lokela ho etsa kapele, ke maphathaphathe

mona mme ho na le ho hongata hoo ke sa ntseng ke lokela ho ho etsa.” Fozia a thusa Amina ho rokela Whatzit nko, nko e batlang e shebile hodimo.

“Le mahlo,” ha bua Amina. Empa Fozia o ne a se a sa mamela. Yaba Amina o ya ho batlana le ausi wa hae e moholo, Shireen.

Tseleng, Ntate wa Amina a mmona.

“Ke eng eo?” Ntatae a mmotsa.

“Whatzit,” ha araba Amina. “Whatzit o hloka mahlo.”

“Ke na le ona,” Ntatae a rialo, “empa re lokela ho potlaka, ke na le tse ngata tseo ke lokelang ho di etsa.”

Amina le Ntatae ba rokella mahlo a Whatzit – mahlo a mabedi a benyang a dikonopo.

“Le mohatla,” ha rialo Amina.

“Tjhe, nkeke ka o thusa ka seo,” Ntatae a araba.

Yaba jwale Amina o ya ho batla ausi wa hae e moholo, Shireen.

“Jowee, basadi!” ha kgotsa Shireen, “o tswa e fumana kae jwale ntho eo?” Amina a mmolella. “Helang!” ha rialo Shireen. “Ke ne ke e etsa hore ke o fe yona ha o ne o hlaha, empa ya ntahlehela kaekae pele ke e qeta.”

Amina a neha Shireen Whatzit. “Ao, basadi!” ha rialo Shireen, “e ntlenyana jwang. Na e na le lebitso?”

“Whatzit,” ha araba Amina, “mme he, Whatzit o hloka mohatla.”

Yaba Amina le Shireen ba etsa mohatla wa Whatzit – mohatla o tsokehang! Yaba Amina le Shireen ba sheba Whatzit mme Whatzit a bososela a ba shebile!

“Ho ka ba jwang ka moriri o moholo o harehileng?” ha botsa Shireen, “le ditsebe tse motsu? Empa jwale o lokela ho tsamaya mona hobane ke na le dintho tse ngata tseo ke lokelang ho di etsa.”

images 2

Amina a nka Whatzit a kgutlela le yena ka kamoreng ya hae mme amo sunya pakeng tsa Eli le Dassie ba shebane le Mmutla le Tweba. Yaba o etsa teye e foreshe.

Amina a nwa kopi e le nngwe, mme le Eli, Dassie, Mmutla le Tweba ba nwa, empa Whatzit o ne a nyorilwe haholo mme a nwa dikopi tse tharo. Ho feta moo, o ne a ile a ema nako e telele pele a fumana teye!