Pula e ne e ena, e hlile e tsholoha, mme Amina o ne a tenehile a tshwerwe ke bodutu. Ho ne ho se na metswalle ya hae e ka tlang ho tla bapala le yena mme bohle ba neng ba le ka tlung ba ne ba phathahane. Batho bohle ba ne ba dula ba phathahane! Ho ne ho se monate ho ba e monyenyane ho bohle lapeng.

Amina a paqama betheng. Mme a ema ka hlooho. Yaba o kenya mapheo a hae a feri mme a qala ho tantsha. Amina a sothahana a potoloha. A tlolatlola a ba a tila ka leoto. A penya a ba a pitika. Yaba o itahlela hodima bethe ya hae. Ha se ke ha thusa letho. O ne a ntse a tenehile mme a tshwerwe ke bodutu.

Jwale Amina a pakolla dibapadiswa tsa hae. Bongata ba tsona e ne e le tseo a di fuweng ke baholwane ba hae, esitana le lebokoso la dibapadiswa e ne e le leo a le filweng. O ile a bea Eli, Dassie, Mmutla le Tweba hodima bethe ya hae. Ba ne ba tlo ba le moketjana wa teye hang feela ha a ne a ka fumana ketlele ya teye.

O ile a batla ka hara lebokoso la dibapadiswa hape mme yaba Amina o fumana Whatzit. E ne e robetse kamoo e lebetswe tlasetlase ka hara manki wa ho roka, tlasetlase lebokosong la dibapadiswa.

Amina a fetola Whatzit hore a bone sefahleho sa yona, empa e ne esena sona. Whatzit wa batho ya lejetsweng! E ne e ena le sebopeho se batlang se le tjhitja ho isa ho kgutlonne, empa ho se sefahleho kapa matsoho kapa maoto kapa mapheo kapa mohatla kapa eng kapa eng feela.

Amina a sunya Whatzit hodima bethe pakeng tsa Eli le Dassie a shebane le Mmutla le Tweba. O ile a fumana ketlele ya teye mme a tshela teye. Eli, Dassie, Mmutla le Tweba ba qeta teye ya bona kapele, esitana le Amina. Empa, Whatzit a so qete. Ehlile, e ne e tla nwa jwang e se na molomo!

Kahoo, Amina a nka Whatzit le manki wa ho roka mme a ya batla nkgono wa hae.

“Ke eng eo?” ha botsa nkgono wa hae.

“Whatzit,” ha rialo Amina. “Whatzit o hloka molomo.”

“Ho lokile,” ha araba nkgono wa Amina, “empa re lokela ho potlaka, ke phathahane haholo mme ho sa na le ho hongata hoo ke lokelang ho ho etsa.”

Nkgono wa Amina a mo thusa ho roka molomo bakeng sa Whatzit; molomo o motle o bososelang.

“Mme Whatzit o batla le nko,” Amina a rialo. Empa, nkgono wa hae o ne a se a sa mamela