A felletswe ke matla, Marie-Lou a phakisa ho ya pele mme a dula hodima lejwe. Ho na le ntho e ileng ya mo pholla leotong. A nahana hore ke sekotwana sa bolele, mme a inama ho se tlosa mme yaba o utlwa … ditsebe tse metsi tse leketlileng, nko e metsi, maoto a mane a metsi le mohatla o metsi o ntseng o tsokwa. Marie-Lou a leka ho phahamisa nthwana ena e metsi, empa thapo e neng e le molaleng wa yona e ne e utlwahala e tshwasehile pakeng tsa majwe.

Qetellong, ha thapo e se e lokolohile, Marie-Lou a phahamisa ntjanyana e neng e batla e kgamilwe ke metsi. A bososela ha a utlwa e tsetselela fatshe mme e itshopha molaleng wa hae. Yaba o hopola mme wa hae. Kamoo ekabang o kgathatsehile ka teng – a kgathatsehile ebile a halefile! A fetoha ho leba hae, empa ka potlako e kgolo, a kgotjwa mme a wa.

Ke ha mme wa Marie-Lou a mo fumana. A haka Marie-Lou a ntse a mo omanya, a mo omanya a bile a mo haka tseleng ho leba lapeng.

Ha morao, Lepolesa Madliwa a tla ho tla nka dintlha mabapi le ntjanyana. O ile a bona kamoo ntho ena e hlonamisang Marie-Lou, yaba o mmolella hore haeba ho se motho ya tlang ho tla batla ntjanyana eo kamora beke, a ka nna a inkela yona. A bososela yaba o re, “Hantlentle, ke nahana hore le lokela ho ba mmoho.”

Beke eo ya tsamaya butle bakeng sa Marie-Lou. Empa e ile ya ba ya feela ho se motho ya tlang ho tla batla ntjanyana eo, Kahoo, Marie-Lou a e bitsa Sefefo.

Leha e ne e sa le ledinyane, Sefefo o ne a dula a le pela Marie-Lou ka nako tsohle. Mme e se neng Sefefo a tseba mehato ya Marie-Lou yohle – Marie-Lou a ba a bona eka Sefefo o se a tseba seo a tla se etsa le pele a qala ho se etsa! O ne a dula a tataisa Marie-Lou kamehla hore a se wele kotsing, a mo tshwarisa mokotlana wa sekolo mme a dula a mo shebile leha a robetse.