Marie-Lou Maritz o ne a hlahe ka nako ya sefefo, sefefo se matla se neng se batle se senya motsana wa batshwasi ba ditlhapi moo a neng a dula teng. Marulelo a ne a fefohile, difensetere di tjhwatlehile, difate di tsumohile le ditshingwana tsa meroho di fefotswe ke moya.

Empa tse mpe ka ho fetisisa ke hore, batshwasi ba bangata … banna, dikgaitsedi, bara le bontate … ha ba a ka ba kgutlela malapeng a bona. Mme hara bona e ne e le ntate wa Marie-Lou.

Ka lebaka la banna ba mmalwa jwalo ba neng ba setse motseng, basadi ba ile ba tlameha ho ya tshwasa ditlhapi. Mme ha ho a ka ha nka nako e telele pele metswalle ya Marie-Lou e qala ho palama diketswana le yona. Empa e seng Marie-Lou hobane o ne a foufetse, kapa jwaloka ha mmae a ne a rata ho bolela, “Marie-Lou o bona dintho ka tsela e fapaneng.”

Marie-Lou o ne a hloile ho siuwa hae, a hloile ho se kgone ho thusa. Ka tsatsi le leng o ne a kile a kgukguna a ipata ka seketswaneng, empa ha ba le motho ya mmonang. Leha ho le jwalo a fumana ditsela tseo a ka thusang ka tsona. Marie-Lou a ithuta ho lokisa matlowa, ho hlwekisa ditlhapi le ho koropa diketswana. Mme a ithuta, ho feta mang kapa mang, ho lekola moya – ho tseba nako e loketseng ho lahlela matlowa le nako e loketseng ho se atamele lewatleng.

Yaba ka bosiu bo bong, jwaloka kahaeka o tswa moo o sa tsejweng, moya o bohale wa foka ka matla ka hara motse. Baahi ba motse ba nyahlatsa tsohle mme ba balehela ka matlung ha dikatiba, diaparo tse terateng, dijalo, esitana le dibaesekele le kiribae di fefolelwa tlase ho theosa tsela. Ka lehlohonolo ho ne ho se na motho ya neng a le lewatleng.

Baahi ba motse ba shebella ba le dikoteising tsa bona tse thothomelang ha sefefo se pukutla ka matla. Empa e seng Marie-Lou, o ne a mametse. Mme, seo a neng a se utlwa e ne e le ho twatlatsa ha difate tse fefolwang jwalo ka dithutswana tsa mollo, dishwa-shwa tsa diqubu tsa santa tse ntseng di sutha, ho otlana ha maqhubu hodima mafika mme yaba … ho a kgutsa.

Hoseng ha letsatsi le hlahlamang sefefo, Marie-Lou a tsoha e sa le hoseng mme, ntle le ho tsosa mme wa hae, a fiela santa yohle e neng e fefoletswe koteising. Yaba o tswela ka ntle.

Marie-Lou a mamela maqhubu a otlanang a lewatle. A ne a duma ka tsela e fapaneng, a halefile, ka nako ya sefefo. Mme yaba o utlwa modumo o makatsang hole kwana: pele e ne eka o a hweshetsa, yaba o eketseha ho tlatlarietsa. O ne o etla o eba o tsamaya jwaloka maqhubu.

Butlebutle, ka hloko, Marie-Lou a latela modumo ho fihlela ho setse mehato e mmalwa ho ya fihla lebopong la metsi mme a ema. Ka nako e nngwe modumo oo o ne o utlwahala eka o fofela hodimo marung jwaloka letata la lewatle. Kamora moo e ne eka o phaphalla ka hara metsi le ka ntle ho metsi a neng a ntse a otlana ka hara matangwana a majwe. Marie-Lou o ile a tseba hore o haufi le modumo leha o ne o ntse o eya tlase mme dikgeo tse pakeng tsa ona di ntse di eba telele. Mme yaba o emisa ka ho phethahala.