Yaba Zimkhitha o emisa ho tsheha mme a fofela tlase ka dimitara tse mashome a mahlano. Empa yare ha a sheba dikoloi tse petetsaneng mmileng le boradikhemera ba TV le diketekete tsa batho ba mo shebelletseng, a qala ho tsheha hape. Mme a leba hodimo hape.

Mosadi ya mosa a sisinya hlooho. “Re tla tlameha ho ba kgoponyana jwale,” a rialo a tiisitse. “Neng kapa neng ho tloha jwale moya o tla mo fumana, mme o tla fofela hole ka ho sa feleng. Ke eng e mpe ka ho fetisisa eo re ka mmolellang yona?”

Yaba bohle ba kopanya dihlooho mme ba nahana ba nahana ba nahana. Qetellong ba e fumana.

“Bohle jwale,” ha hoeletsa ntata Zimkhitha, a eme hodima koloi ya Mercedes Benz. “Motho e mong le e mong a hoeletse haholo kamoo a ka kgonang, bohle ka nako e le nngwe.”

Mme letshwele lohle la batho ba dikete tse nne, le ntja e tshehla, le katse e ntsho le monna ya rekisang dipanana bohle ba hoeletsa ka nako e le nngwe, “HELA ZIMKHITHA! RE BONA PENTI YA HAO MME E NA LE LESOBA!”

Yaba Zimkhitha o tlohela ho tsheha.

A theohela tlase. Tlase, tlase, tlase. A tswela pele ho ya tlase haholo, tlase haholo, ho fihlela a batla a fihla fatshe.

“Oho, moradinyana wa ka!” ho rialo mmae, a mo tshwara ka maoto mme a mo hulela tlase Lefatsheng. “Re leboha Modimo ha o bolokehile!”

Zimkhitha a sheba letshwele la batho bohle ba neng ba mo etsetsa ditlatse ba tsheha ba bile ba opa matsoho. O ne a swabile haholo hoo a ileng a ikwahela sefahleho mme a mathela habo.

“Ao bathong,” ho rialo ntatae. “Re mo utlwisitse bohloko. O kgenne ka nnete.”

Yaba kahoo batho ba boela ba kopanya dihlooho mme ba nahana ka ntho e ntle eo ba ka e buang ho mo thabisa.

“Ha re yeng bohle jwale,” ha hoeletsa mmae.

Yaba ba a hoeletsa, “HELA, ZIMKHITHA! RE NE RE MPA RE BAPALA HLE!”

Zimkhitha a tlohela ho matha.

“RE A O TSHEPISA!” kaofela ba hoeletsa. “RE NE RE SA BONE PENTI YA HAO HLE, HOBANE O TENNE BORIKGWE BO PINKI!”

Mme Zimkhitha a qala ho tsheha.

“Jowe, mo tshwareng kapele hle,” ha hoeletsa mmae.

Mme ba etsa jwalo. Kapele a eso fofe hape.