Ho kile ha eba le ngwananyana e mong ya neng a bitswa Zimkhitha ya neng a sa tlohele ho tsheha. O ne a halefisa ntatae. Ka letsatsi le leng o ne a tswa mo lata sekolong ka koloi ho leba lapeng. Ba sa ntsane ba qala ho kena tseleng ya bona feela, o ne a se a tenehile ho feta! O ile a emisa koloi.

“Na o tla tlohela ho tsheha kapa o tla tsamaya ka maoto ho ya lapeng?” a botsa. Empa Zimkhitha o ile a tshehela hodimo le ho feta.

“Ho lokile,” a rialo, “o ka nna tsamaya ka maoto ho ya hae.” Yaba o mo theola koloing ya hae mme a e kganna ho leba hae.

“Zimkhitha o kae?” mmae a botsa jwalo ha ntatae a kena monyako o ka pele. “Ke mo phehela dijo tseo a di ratang.”

“Oho,” ntatae a araba. “Ke itse a tsamaye ka maoto ho tloha hukung yane hobane o ne a sa batle ho tlohela ho tsheha.”

“Moradinyana wa ka?” ho botsa mme wa Zimkhitha. “O entse hore moradinyana wa ka a tsamaye ka maoto ho tla hae? A le mong? Re tla lokela ho ya mmatla.” Ba ile ba mmatla ba mmatla, empa ho ne ho se le letshwaonyana feela la moo Zimkhitha a leng teng.

“O mo siile kae?” Mmae a botsa. “Ngwanaka o kae, Ron?”

“Ao banna,” ho honotha ntata Zimkhitha, a shebisisa ka tlasa sehlahla se seng le se seng le hodimo sefateng se seng le se seng.

“Zimkhitha,” ho hoeletsa mmae. “Zimkhitha, o hokae?”

Mosadi e mong a emisa koloi ya hae. “Na nka le thusa?” a botsa.

“Re lahlehetswe ke moradinyana wa rona,” ho araba mme wa Zimkhitha. “Na ho na le moo o mmoneng?”