Ha Nkgono a ntse a bala, Neo a kwala mahlo a hae mme a lahleha ka monahano, a nyolosa ka hodima dithaba … a parola lefatshe le leholohadi, le sootho … a leba lefatsheng le leholo, le batsi.
A utlwa mantswe a tswang naheng.
“Tswaa! Tswaa!” ha bina nonyana e nyane.
“Ke letsatsi le letle!” ha rialo letjeketjane.
“Tloo kwano, tloo re tlo bapala,” ha hweshetsa moya ka hara jwang bo bolelele.
Neo a hopola pula e putswa e tsholohang, mme a ipotsa hore ebe ha a tshwanela ho ba ka ntle ka kwana na. Empa paleng, o ka etsa eng kapa eng. Ho ne ho se na pula mona. Kahoo, Neo a tswa a tsamaya a parola thota.
Ntho ya pele eo a ileng a e bona e ne e le telele, e le sootho e ena le mmele o matla, wa patsi. E ne e le telele, e ena le matsoho a masootho a neng a fihla lehodimong, le hlooho e kgolo e tletseng makala a moriri o motala ba mahlaku o neng o ntse o eya kwana le kwana moyeng o phodileng.
“Dumela,” ha rialo Neo, a tonne mahlo. “O eng?”
“Ke sefate. Ke kgona ho bona ka nqane ho dithota tsane tse kgolo, tsa kgauta. Nyolohela mona, mme o shebe le nna.” Sefate sa mo amohela, mme Neo a se palama.