Neo a sheba ka ntle ho fensetere ya phaposi ya hae boputswa ba seterata se metsi, le batho ba metsi ba baputswa ba potlakileng ka hara pula e putswa e tsholohang. O ne a sa kgone ho tswela ka ntle, mme o ne a se a qetile ho balla Mbali dibuka tsa hae tsohle.

Ka yona nako eo, Nkgono a kena ka moriri wa hao o kamolotsweng ke moya o ka ntle. O ne a tshwere ho hong. Neo o ile a elellwa hore ke ntho e sepharanyana, e kgutlonnenyana, le e mebala e kganyang … mme e ne e kgona ho buleha – jwalo feela ka lebokoso la letlotlo!

“Ena e ne e le buka eo ke neng ke e rata ka ho fetisisa ha ke ne ke sa le monyenyane jwaloka wena tjena,” Nkgono a bolella Neo. “E ne e le monyako o ntebisang lefatsheng le leholo, le batsi.”

Yaba o bula buka eo.

Leqepheng la pele ho ne ho ena le setshwantsho sa sebaka sa mehlolo, holehole le letsatsi le leputswaputswa. Naha e ne e le tala le mmala wa kgauta le o mosootho, ho ena le lehodimo le leholohadi, le botala ba lehodimo ka hodimo, le letsatsi le mofuthu le lesehla, le tjhesang lefatshe.

“Kgele! Na hoo ke hwa nnete?” Neo a makala.

Nkgono a bososela. “Ha o tsebe? Dipale tsohle ke tsa nnete, ha feela o dumela ho tsona,” a rialo. Yaba o supa sebakeng se leqepheng moo moshanyana e monyenyane, ya ka lekanang le Neo ka boholo, a neng a tsamaya thoteng.