[Tselane le Dimakatso ba ntse ba qoqa. Ba ntse ba dutse mme ba lokisa meriri. Ditaba tsa bona ha di fele. Ba ka bua ka eng hape, haese tsa lerato!]

Dimakatso: A ke o mpolelle Tselane, na bana ba hao ba phetse jwang?

Tselane: Ba phetse hantle, Dimakatso. E bile e se e le banna ba baholo!

Dimakatso: Tshepo yena o ho kae? Na le jwale ha a eso ka a batla ho o ntshetsa mahadi?

Tselane: Oho! Ngwana batho. Eo yona o se ke wa e tshwara. Nna le Tshepo re ne re tshwanetse ho nyala kgale kwana.

Dimakatso: Jwale, ke eng e ileng ya le arohanya?

Tselane: Bothata ke MaTladi, mme wa hae. O a tseba le wena hore nako eo re neng re sa hola, re ne re sa arohane le Tshepo. Ke ne ke re re tlilo arohangwa ke lefu feela.

Dimakatso: Ka nako e nngwe ke na le ho bona Palesa, kgarebe ya Tshepo, a kena lapeng habo Tshepo.

Tselane: Eo taba e tlohele. E etsa kore ke nahane ho ipolaya.

Dimakatso: Batswadi ba ratang ho kgethela bana ba bona dikgarebe ba a tshwenya. Na e ka ba ke eng seo ba se bonang ho Palesa?

Tselane: Ba ile ba kgahlwa ke ntho e se nang molemo. Palesa qalong o ne a sebetsa hantle, a rekela Matladi dintho tsohle tseo a di ratang.

Dimakatso: Ka nnete?

Tselane: Ee, motswalle, ho jwalo. Empa ke batla ho bona hore hoo ho tla fella ho kae. Re tla ke re bone.

Dimakatso: Kgele! Ke ka baka la eng o bolelang jwalo?

Tselane: Maobane ke ne ke ilo bona bana. Tshepo o ne a ba nka, mme ba dula yena habo. Hona moo MaTladi o ile a mpitsetsa ka thoko.

Dimakatso: Helang, a be a reng na?

Tselane: A re, “Tselane, ngwanaka, wena o se o tshwana le ngwana wa mona lapeng. Ha ho na ntho eo nka o patelang yona.”

Dimakatso: Kgele! A bua jwalo feela. A ke re maoba mona o ne a o bitsa ka mabitso ohle?

Tselane: Ho jwalo. Ke lefatsheng mona. Dintho di fetoha kamehla.

Dimakatso: Tswelapele, motswalle. A reng hape?

Tselane: Palesa eo o ne a ba neha tjhelete, a ntsha tjotjo. Jwale dintho di fetohile. Mabarebare a re o itse mohla ba nyalang le Tshepo, o tlilo ntshetsa thepa yohle ya kgale kantle, a kenye thepa e ntjha e ntle haholo.

Dimakatso: Matsale wa hao o kgathatswa ke eng moo?

Tselane: O a botsa, Dimakatso? Na ha o bone hore ha thepa ya kgale e tswa ka lemati, hoo ho bolela hore tsohle, esitana le yena monga tsona o tla tswa?

Dimakatso: Atjhe bo motswalle, ditaba tsa hao ke di utlwile! Ke tla ke ke utlwe sephetho sa tsona. Le letsatsi ke leo le se le ilo dikela. A nke ke tsamaye. Ke tla bona hosane. Sala hantle motswalle.

Tselane: Le wena o tsamaye hantle motswalle!