[Ho se ho fetile dikgwedi tse pedi. Tshepo o dutse lapeng habo le MaTladi, mme wa hae. Bara ba hae Thabang le Thabo ba ntse ba bapala kantle. Tshepo o qoqela MaTladi hore bahiri ba hae ba itse ba tlilo nyolosa moputso wa hae.

Tshepo: Kgele, mme, e ka re ke a lora. Ke kgale ke batla tjhelete, empa makgowa a sa battle ka yona. Ruri hona ho bolela hore badimo ba ka ba na le nna.

MaTladi: Ditaba tseo tsa hao di monate ngwana ka. Hape e se e le nako e telele o sebetsa femeng eo, mme o sebetsa ka botshepehi.

Tshepo: Bona feela mme, ke ne ke se ke tshwana le bohlwa bo tsamayang bo le bong, hobane dithaka tsaka kaofela ha tsona di nyetse, mme di na le malapa a tsona.

MaTladi: Kgele, athe monahano wa hao o se oho fihlisitse moo! Ngwanaka, o re nna ke tla sala le mang ha o se o nyala?

Tshepo: A ke re o tla fumana ngwetsi e tla dula le wena mme e o hlokomele.

MaTladi: Hoo ke ntho e ntle haholo. Empa ke mang ya tsebang hore re tla tshwarana jwang le yena? Kapa a ke o re bolelle, na ekaba o se o ikgethetse mosadi?

Tshepo: Ke bona e ka ho ka ba molemo ha nka inkela Palesa hobane le a utlwana le yena. Hape le bana ba a mo tseba.

MaTladi: Kgele! Se kgathatsehe ka nna!

Tshepo: O tshoswa ke eng mme. Molato ke eng?

MaTladi: Tshepo, o ntshwarele. Ka nako e nngwe motho o na le ho senya ditaba a re o a lokisa.

Tshepo: Etsa ka potlako mme, ke eng eo O ratang ho mpolella yona?

MaTladi: Tshepo, ke ile ka etsa phoso ha ke ne ke re o arohane le mma bana hao, Tselane. Palesa enwa o na le ho bua dintho tse sa lokang.

Tshepo: Atjhe, bo!

MaTladi: O re thepa ya ka ya kgale e tlilo tswa kaofela ha yona ka tlung mohla le nyalanang. Hoo ho nna ho bolela hore ha a mpatle ho hang. Ke bona hore le bana a ke ke a ba tshwara hantle. Ruri, ke bona hore ho ka ba molemo hore le ipatlele ntlo ya lona, nna ke sale ke itlhophehela le bana bao.

Tshepo: Oho, taba ena e boima. Ke ne ke nahana hore o tla thaba ha ke o bolella hore ke batla ho nyala Palesa. Hantle-ntle nna ditabatabelo tsaka di tsejwa ke pelo ya ka.

MaTladi: Ka nnete ngwanaka, ke sa pheta ke re o ntshwarele.

Tshepo: Ke tla tshwanela ho ipha nako, ke nahane hantle. Na ekaba Tselane o tla ntshwarela na?

[The End]

*****

Diteboho

Re leboha batho ba latelang bakeng sa ho thusa ka ho akanya boleng ba buka ena: Faith Gale, James Balangile le babadi ba bane e leng Lerato Ramatlo, Thepo Pitse, Conjiwe Lenkwe le Violet Moganedi ba Operation Upgrade e Pretoria; Mirriam Kunene, Papi Motake le Dorcas Modiakgotla.

Visit www.newreaders.org.za for more information.