Fifi la aparela lefatshe, yaba sello,
Masisapelo phelong ba motho,
Matetetso pelong tsa bana di rotha madi,
Matetetso pelong tsa basadi di ruruhile

Tlhekefetso ke ya eng Rantsho?
Tlhekefetso ke ya eng Ma Afrika?
Tsa tadima di lapile ditau, di batla madi,
Kgotso ya hloka lerato, lerato la hloka thabo.

Uwele setjhaba sa Rantsho, kgutsang kgutsang,
Moferefere wa e baka taba, Tlatlamatjholo theoha,
Tlatlamatjholo re tadime ka mohau wa hao,
Yaba sa mmokotsane sello, seboko se haulang.

Modimo rapela wa kgale Modimo, o batle toka,
Tlhekefetso ha re o hloke, ba qhadile malapa,
Tlhekefetso kgutsa, kgutsa Bo! Kgutsa,
Jo! Ekaba re o entseng e kanakana?
Fatshe la rora seka tau, le rorela lefeela.

Modimo tadima pelo, pelo e tletse maima,
Modimo tadima pelo, pelo e tletse lehloyo,
Modimo tadima pelo, pelo e tletse phethetso,
Modimo tadima pelo, pelo e tletse mahlomola.