Molimo wa lesedi, wa Rammoloki.
Molimo o diatla di maroba.
Wena o diatla di maroba, ke ho re shoela.
Re re Molimo, o re utlwe, re kopa mohau.

O hauhele rona, baetsadibe.
O re sitse ka tseo re di hlokang.
Wena Ramaseli, seabi sa mahlohonolo.

Re utlwe Morena, har e hwelehetsa ho wena, re kopa matla.
Re utlwe Morena, ha re hwelehetsa ho wena, re kopa lesedi.
Re utlwe Morena, ha re hwelehetsa ho wena, re kopa kganya.
Re utlwe Morena, ha re hwelehetsa ho wena, re kopa o nolofatse dipelo tsa rona.
Re utlwe Tlatlamatjholo, ha ntse re re Weli-Welele, re kopa mohau.

Re hopole Tlatlamatjholo, re bana ba hao.
Tlatlamatjholo, wena mojari wa ditshito tsa batho.
Ha pelo e bonolo, e boikokobetse, ya hao e re utlwele, e re hauhele.

Modimo o motjha rapela wa kgale.
Re rapele ho e moholo, Jere.