Thothokiso, ruri o jwang bathong?
Maikutlo a ka a haraswana ha bohloko;
Ka hloka phomolo moyeng, le pelong;
Pelo ya tjhoba-tjhoba, pelo ya uba.
Thothokiso, o nyakallo ya maikutlo;
O hana sefuba se emere makukuno;
O oka, le hona ho tlamella maqeba;
O hana motho a hlorile, a le maqakabetsing;
Bophelo ke wena, ha ho se seng setlhare.
Thothokiso, o kgalema o sa kgaotse;
Ka nnete, ho wena tsela ke bophelo;
Thothokiso, neo e tswang ho Ramahodimo;
O masodi, ho keleketla marameng a batho;
O kgutle, o be setlhare sa bophelo.
O maikutlo, ho tswa botebong ba pelo;
O puo ya Basotho, tsona dikgeleke;
Wena mabinabina a pelo tsa batho;
Ha ba tshwela diqaka, le masisapelo;
Ba tshwela dikate, le ona mahlwele.
Thothokiso, ruri o bohloko ba maikutlo;
Ka wena, re pepesa dihaeya;
Re pepesa dintho di hana ho fela;
Manyampetla, bobodu, le dikate;
Re kgutle, re etse thapedi, re rapele;
Re rorise, o re rokele Molimo wa Lefatshe.