Pele e ya pele; Dikwele, Basotho!
Kgabang M’aforika a matle, kgabang!
Lona m’aparakobo a matle;
Bana ba pepuweng ka yona thari ya tshepe.
Ipaboleng ka makgabane, re hopoleng;
Mehleng ya boholoholo;
Mehleng ya bonkgono le bontatemoholo.
Ikgantsheng ka bonono, le botjhaba;
Ikgantsheng ka mokgibo, le ona mokorotlo.
Le ka lebala jwang modidietsane?
Tswela ka ntle o bone, o bone botle ba Aforika;
Banana ba a kgiba, bashemane ba a hobela;
Mabele a tla polwa, mme a silwe;
Ha re teneng tshea le thethana tsa rona;
Re se lebaleng moo re etswang;
Hobane ha re no tseba moo re eyang.
Sontaha, ka madungwadungwane, re kopane;
Ka moya o le mong, moya wa ho keteka;
Mekete ya badimo, re hopola ba habo rona;
Ba seng ba sa phele nameng, madikotwaneng;
Pitseng tse kgolo ke eng, ha e se maqebekwane?
Kgera ke ntletsentletse, le kwae ya badimo.
Kgabang M’aforika, kgabang!
Setso ke ntho ya rona, re e tswaletswe.