Mmala ke o mosootho,
Leleme ke le paqameng.
E ikgethileng naledi, ho tse ngata tse fapaneng.
Mose ho mawatle, naheng tsohle tseo o di tsebang,
Ha ho ya tshwanang le ngwana wa Mosotho ka letlalo le phatsimang.
E tshwana e le nngwe feela, naledi ya Basotho.

Se ntjwetse lebitso la hae,
Wa Mosotho nka mo qolla.
Le letlalo la hae o a le utlwa, le boreledi ha o le pholla,
Sebopehong sa mmele, o ahuwe ka bohlale.
Ke monyako wa bophelo, setjhabeng sa bahale.
E tshwana e le nngwe feela, naledi ya Basotho.

A iphetela ka tsela, a thabile a bososela.
Ngwana wa monna o ipotsa dipotso, mangwele a qhaqhasela.
Bomadimabe ha a phutiphuti feela,
O batla monnatiya, senatla!
Pholo ya letlaka, sethuhamafika.
Pelo ya leebana a ka e tjhwatla ha bohloko.
E tshwana e le nngwe feela, ke naledi ya Basotho.