Ke Mosotho, ke bua Sesotho.
Ha ke lejapere, pere ke sepalangwang.
Ke mosootho ka lebala, ha ke monyama.
Ke ikgantsha ka Bosotho ba ka, e bile ke motlotlo!

Ke apara Sesotho.
Seanamarena, le seshweshwe sa katse tse tharo.
Ha ke apare sejwalejwale, empa ha ke jele koto ke ha ke apere lesolanka le moholobela.
Tuku ke e swaya hore ba mona ba utlwe bohloko.
Modianyewe ke o rwala ha tsatsi le tjheesa!
Nko ya ka e dule tlasa moriti.

Modidietsane ke o hlaba kgotla, moreneng.
Ke ikonka sa pere, e palamisitse monyadi le monyaduwa lenyalong.
Mokorotlo banna ba o otlela fatshe.
Monate wa pina tsa Sesotho, mokgibo, mohobelo.
Barwetsana ba thenthetsa, ba tsoka matheka ka dithetana, di re pesha! pesha!

Ka mohope ke nwa seqhaqhabola sa mabele, le seqoho sa tjhetjhisa.
Nkgo ya letsopa e phopoma makweba a kgera, e seng sebapalemasenke kapa thulamabota.
Ke ala moseme, ke dula fatshe, ke nama maoto.
Ke nka seroto se tshetseng maqebelekwane, ke shabella ka malamohodu.
Ke a itshetla, empa e seng sa mpanaphatloha!