O hatela pele o ya kae?
Tsela ke e lebang ho kae?
O tatile sa Mpjhe e nketsweng mahe
Titi! sa tsotsi e lelekiswa
Maobane o nole kgeleke o ithata

O boullela Sesotho le Basotho
Moshoeshoe e le ntate
O ithorisa ka sehaeno ngwanaka
Banana le bashanyana e le ditswere mohlakeng

O hatela pele o ya kae?
Terateng masole a teng
Thaba e tjhaketswe ke bona ka jeno
Tshela weso empa feela o seka lebala o tswa kae

Tjako o so e thotse, o so lebetse morao?
Tsa makgowa tsona wa di bapatsa, ka mekgahlelo yohle
Mosotho, Basotho ba o hlolohetswe
Mosotho kgutlela hae, Tjhaba sa ntate
Moshoeshoe se a timela
Kgutla Mosotho re pholose setjhaba