Mohlorisi e moholo wa motho,
Ha o fihla o kena ho motho, o senya tsohle.
O roba motho ditho tsa mmele.
Kelello ha ke sa bua!
E kgathala hona hoo manganga a iponahatsang.

Motho wa teng a se a oma ka hlooho fela.
A e ketaketa, a bontsha ho dumela.
Maoto a a hulanya, sa motho a kulang.
Molomo o se o bebenya feela.
Mahlo o a hobotse, e ka o ya bona,
empa e le moritaoke feela.

Motho wa teng o bone a jele motepella.
A tepelletse, a lepelletse, a imetswe.
E ka o kile a tetekwa.
Le teng a tetekelwa lefu.

Pelo yona e otlela fatshe, e pompa ha boima.

Phefomoloho yona e le e monyebe.

Empa Boroko a ba le mohau,

A tlisa phomolo, a kgutlisa matla.

Mmele wa kgutlela setlwaeding.