Tsatsi la tjhaba, la tjhabela mahlomola,
Tsatsi la tjhaba, la tjhabela dillo,
Jo! Fatshe la aparelwa ke lefifi,
Jo! Kgethollo ke ya eng tjhaba sa Rantsho?

Thunya sa kgabola, se kgabolela Ma- Afrika,
Di wele tsa banna dihloho, sa mmokotsane sello,
Sa tlala se batla kgotso, se batla thabo,
Jo! Kgethollo ke ya eng tjhaba sa Rantsho?

Moferefere wa qala, hlooho tsa thulana,
Yaba thibang ka mona, thibang ka mane,
Mabitla a ahlamela batho, a batla beng ba oona,
Jo! Kgethollo ke ya eng tjhaba sa Rantsho?

Kgethollo ke ya eng ho senyehile kae?
Maponesa a e baka taba, Ma Afrika molato keng?
Ekaba keng ka kgethollo? Fatshe le nyoretswe kgotso,
Le batla kgotso moo e leng teng, botsitso bo kae?

Ruri lena letsatsi, ke tsatsi la mahlomola,
Ditopo ditletsetletse seterateng,
Ka sarelwa ke ho bona seo, pono e nyarosang,
Pono e tletseng mathata, pono e tletseng mahlomola.