Ke ngwana naka la badimo,
moya wa ntshwara ke le hole le kgateane,
wa ntshusumelletsa ho kena lefehlong.

Ha ke ne ke kula kgale ke re, ‘Badimo ba ka ntshwareleng, kgale ke nyefola moya’.
Ha ke ne ke apere ke ne ke re, ‘Malome nketsetse malebaleba’.
Ha ke ne ke lauwa ke ne ke re, ‘Ntate Mokoena o itse ke tlo kgalema lenyatso’.
Ho itswe ke Mmamantsha.

Ke ngaka matsetsela, moradi wa Koeneng.
Ke meritlhwana ya puo, ngwana Mosotho.
Sekupu ke tidinya sa Basotho.
Nkgekge, ke kene lefehlong ke se ke fetile mahareng a bohale.

Ka phatswa, ka ba ka sesetswa ka puo.
Ka fetoha motjodi a hlwahlwa.
Ka robala kgateane.
Moya wa sotla, ‘Badimo le ntshwarele kgale ke nyefola moya’.