Ke lla ka ntshi, meokgo ha e tswe.
Lefu le manyala baneng ba batho!
Lefu hana wena ha o kgore?
Ke lla ka ntshi, meokgo ha e tswe.
Ke maphathephathe, ke oka leqeba la pelo.
O se o le teng hape ramaswetsa?
Monongwaha o jele tlhare sa meloko!
Athe o jele a saka le le leng.
Bona meokgo ya ka, keledi tsa ka di dula di rotha.
Hobaneng ha ke phela tjena Morenaka?
O ntshiile le meokgo, wa ntshiya ke kgenathetse mamina!
Mahlo a mafubedu ke ho lla.
Bang bare o kobo, re o apere.
Nka mpa ka bolawa ke serame, ho na le ho o apara.
O kobo ya mofuta mang, e bohloko hakana?
Ho ba lefitori le mofuthu, wena?
Wena o ya mofuta o feng kobo?
Hantle wena kgodumodumo, o tla qeta neng ho meketsa setjhaba?
Athe wena dillo tsa rona ha o di utlwe?
Re fositse kae, re kgumame fatshe, re kope tshwarelo?
Re shebe ka leihlo la mohau, re a kopa!