Batho ba kopakopana dihlooho ha ke re, ‘Ha ho na a tshwanang le wena’.
Ba mpontsa hore, ha e le hantlehantle ke ntse ke reng?
Ke re ka re ke itlhalosa ka sekgowa ke re, ‘There is nobody like him’, tjhee dintho di a hana.
Ka re ke itlhalosa ka isiZulu se mona sa bona ka re, ‘Akekho ofana naye’.

Ha ho na a lerato jwalo ka wena.
Ya nthatileng, ya ntlhomphang.
Ha ho na a hapileng pelo ya ka ntle le wena.
Ya kgonang ho ntshwara ke bolokehe.

Lerato la hao le lekanetse nna feela.
Ho ba le nkgetha hara basadi bohle.
Le phalla jwalo ka noka, ke kgotsofetse.
Moriana wa ka o alafang mafu oohle a ntshwereng.