Ntle le wena, bophelo ha bo yo.
Bo teng ba hao bo tlisa kgolo, le matlafalo ya mmele maphelong a rona.
O sa kgethe nku ka pere.
O Mme wa setjhaba.
Letswele la hao, le sa tjheng lebese, le nyantsha bohle.
Bohle re a o hloka.
Ha o ka ba siyo, setjhaba se ka timela.
Dipetleleng, bakudi ba ka se fumane pheko e ntle, ho tswa ditlhareng.
Dikolong, bana ba ka sitwa ho tsepamisa maikutlo dithutong, ke lephako.
Ditjhankaneng, batshwaruwa ba sitwa ho fumana tlhaboloho.
Mahaeng a maqheku – ha ke sa bua – hoja ba ntse ba iphokolla, ke ho hola.
Lehaeng la dikgutsana teng, e ka ba masiisapelo, hoja ba sena mang weee!
Ka malapeng e ka ba seboko sa bana, wa nahana ngwana o ya kula, athe ke lephako.
Ntle le wena, difeme le mesebetsi e mengata ha e na ho ba teng.
Ka ho fetisisa, ha re kgathalleng mobu.
Re emise ho qhalla matlakala hohle mona, le tse ding, ke tsona tse bolayang matla a mobu.
Ho ba dijo tsa rona di tswa mobung.
Dijo, o mohlodi wa sera sa rona, tlala.
O thatohatsi ya rona bohle.
Ha o le teng, mathata ha a yo.
O tlisa lethabo, pososelo, le mafolofolo pelong tsa rona.
O tlosa ho kwata, tlhonamo, monyebe, le lephako mothong.
Ke o rwesa moqhaka wa tlholo!