Nkile ka thetswa, nkile ka nkeha ke lerato.
Ka etswa sehole, ka fetolwa setlatla.
Ka ithetsa, ka re ke a ratwa.
Ka mamella bohloko, ka etsa sohle se matleng a ka.

Ka hlajwa ke meutlwa, tseleng eo ke neng ke re ke ya lerato.
Pelo ya ka e dutse e dutla madi!
Ke ntse ke re ho tla loka.
Dira di ntsheha, la ntshotla lerato bo!

Mamina ke a hlwephetsa kgafetsa.
Habo lerato ke ile ke rata, ke sa hloke baeletsi.
Ha bosiu bo fihla ke a sulafallwa, hobane pelo ya ka e hopola tse bohloko, tseo ke di etswang.
Kgarebe ya mpapala dikwaelwana.
Pelo e ne e ja serati, ke ne ke kgahluwe.
Ke kene ka mmele, pelo le moya, ke lebetse kelello.

Empa ha se mara ha se ho fela, le pele di na le baji.
Ke tla lla ke ntse ke ya pele.